Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 10:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ha re kgaohana le wena kajeno, o tla kgahlana le banna ba babedi lebitleng la Ragele, moeding wa Benjamine, Tseltsa; ba tla re ho wena: Di bonwe diesele tseo o ileng ho di batla; bona, ntatao o lebetse taba tsa diesele, o se a belaela bakeng sa lona, o re: Haele mora ka, ke tla etsa jwang bakeng sa hae?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Kajeno, ha o tloha mona ho nna, o tla fumana banna ba babedi pela lebitla la Ragele, naheng ya Benjamine, mane Selesa. Banna bao ba tla re ho wena: ‘Ditonki tseo o neng o ilo di batla di fumanwe. Ntatao ha a sa tsoteletse ditonki tseo, o se a tshwenyehile ka baka la hao, mme o re: “Mora wa ka ke tla mo fumana jwang?” ’

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 10:2
7 Referencias Cruzadas  

Yaba ba tloha Bethele, mme yare ho sa ntse ho le sebakanyana ho ya fihla Efrata, Ragele a itshihlolla, mme a ba le pelehi e thata.


Haele nna, ya na ya re ha ke kgutla Paddane, ka shwelwa ke Ragele naheng ya Kanana, tseleng, ho sa setse sebaka se seng sekae ho ya fihla Efrata, mme ka mo pata teng tseleng e yang Efrata, ke ho re, Bethlehema.


Ho itswe ke Jehova: Mohoo o utlwahetse Rama, wa pokollo, wa dillo tse bohlokohloko: ke Ragele ya llelang bana ba hae, ya hanang ho tshediswa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le yo.


Tsela, Elefe le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeathe, le Kiryathe: ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ke leo lefa la Babenjamine ka matlo a bona.


Saule a re ho rangwanae: O hlile o re tsebisitse hore diesele di bonwe. Haele taba ya borena, a se ke a mo tsebisa kamoo e kileng ya buwa kateng ke Samuele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos