1 Samuele 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 Ha o tloha teng o eya pele, o tla fihla eikeng ya Thabore; teng o tla kgahlanyetswa ke banna ba bararo, ba yang ho Modimo Bethele; e mong o isa potsanyane tse tharo, e mong o jere polokwe tse tharo tsa bohobe, e mong o jere lekuka la veine. Ver CapítuloBIBELE3 “Ha o tloha moo o tswele pele, mme o tla fihla sefateng sa eike se Tabore. Teng o tla kopana le banna ba bararo, ba nyolohelang Bethele, ho ya kgumamela Modimo. E mong o tla be a nkile dipotsanyane tse tharo, e mong a nkile dinkgwa tse tharo, e mong a nkile lekuka la veine. Ver Capítulo |
Hanameele, ngwana rangwane, a ba a tla ho nna lebaleng la teronko, kamoo ho neng ho boletse Jehova kateng, a re ho nna: Ako ithekele tshimo ya ka e Anathothe, naheng ya Benjamine, hobane tokelo ya ho e rua ke ya hao le ya topollo ke ya hao; o ithekele yona. Yaba ke a tseba hobane ke lona lentswe la Jehova.