Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 10:3 - BIBELE

3 “Ha o tloha moo o tswele pele, mme o tla fihla sefateng sa eike se Tabore. Teng o tla kopana le banna ba bararo, ba nyolohelang Bethele, ho ya kgumamela Modimo. E mong o tla be a nkile dipotsanyane tse tharo, e mong a nkile dinkgwa tse tharo, e mong a nkile lekuka la veine.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ha o tloha teng o eya pele, o tla fihla eikeng ya Thabore; teng o tla kgahlanyetswa ke banna ba bararo, ba yang ho Modimo Bethele; e mong o isa potsanyane tse tharo, e mong o jere polokwe tse tharo tsa bohobe, e mong o jere lekuka la veine.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 10:3
22 Referencias Cruzadas  

Sebaka seo a se rea lebitso la Bethele; athe pele motse oo o ne o bitswa Lose.


Le lejwe leo ke le hlommeng hore e be mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo. Ke tla mo nea karolo e le nngwe leshomeng ka leng la tsohle tseo a mphang tsona.”


Modimo a re ho Jakobo: “Tsamaya, o nyolohele Bethele, o yo aha teng; teng o hahele Modimo aletare, Modimo ya iponahaditseng ho wena, ha o ne o baleha moholwane wa hao Esau.”


Jwale re yeng, re nyoloheleng Bethele, mme teng ke tla hahela Modimo aletare, yena ya ileng a nkarabela matsatsing a mahlomola a ka, ya bileng le nna maetong wohle a ka.”


Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; lefatshe le tsohle tse ho lona ke wena ya di theileng.


“Yaba Hanamele, mora wa rangwane, o fihla ho nna ka lebaleng la tjhankana, ho ya ka polelo ya Morena, o re ho nna: ‘Ako reke tshimo ya ka e Anatote, naheng ya Benjamine hle, hobane o na le tokelo ya bojalefa le ya ho lopolla. Ithekele yona.’ “Yaba ke a tseba, he, hore lena ke lona lentswe la Morena.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le e tswang mohlapeng wa dinku kapa wa dipodi, hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha.


Nyehelo ya phofo yona e be boima ba dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e be nyehelo ya setjheso sa Morena se monko o monate. Hape ho be le nyehelo ya seno sa veine ya lethara e le nngwe.


“ ‘Haeba motho a nyehela ka podi, o tla e tlisetsa Morena.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya sehlabelo sa teboho, se etsetswang Morena, e etswa mohlapeng wa dikgutshwane, ebang e tona kapa e tshehadi, o tla nyehela ka yona e se na sepha.


O tla etsa nyehelo ya hae ka maqebekwane a sa lomoswang mmoho le phoofolo ya sehlabelo sa teboho.


Ho tloha Saride o thinyetse ka botjhabela, o yo fihla moeding wa Kiselote-Tabore, ebe o fetela Daberate, o nyolohele Jafia.


Moedi o ne o fihla Tabore, le Shahasaime, le Bete-Shemeshe; o yo fella Jorodane. E ne e le metse e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona.


Setjhaba sa Iseraele sa nyolohela Bethele, ho fumana keletso ya Modimo, mme sa re: “Ke bafe ho rona ba tla futuhela bana ba Benjamine pele?” Morena a re: “Ho tla futuha Juda pele.”


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla ba le kapele ho Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba botsa Morena, ba re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine?” Morena a re: “Nyolohang le ba futuhele.”


Yaba bana ba Iseraele ba botsa Morena, hobane areka ya selekane sa Modimo e ne e sa le teng mehleng eo.


Ba tsebisa Sisera hore Barake, mora wa Abinoame, o nyolohetse thabeng ya Tabore.


A roma maqosa ho ya bitsa Barake, mora wa Abinoame, ya tswang Kedeshe e Nafthali, mme Debora a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o o laetse, a re: ‘Tsamaya, o lebe thabeng ya Tabore, o ye le bana ba dikete tse leshome ba tswang hara bana ba Nafthali le hara bana ba Sebulone.


Jwale Gideone a re ho Seba le ho Salemuna: “Banna bao le ba bolaetseng Tabore ba hokae?” Ba araba, ba re: “Ba ne ba tshwana le wena, e mong le e mong wa bona eka ngwana wa kgosi.”


Ba tla o dumedisa, ba o nee dinkgwa tse pedi, tseo o tla di nka matsohong a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos