Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 10:2 - BIBELE

2 Kajeno, ha o tloha mona ho nna, o tla fumana banna ba babedi pela lebitla la Ragele, naheng ya Benjamine, mane Selesa. Banna bao ba tla re ho wena: ‘Ditonki tseo o neng o ilo di batla di fumanwe. Ntatao ha a sa tsoteletse ditonki tseo, o se a tshwenyehile ka baka la hao, mme o re: “Mora wa ka ke tla mo fumana jwang?” ’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ha re kgaohana le wena kajeno, o tla kgahlana le banna ba babedi lebitleng la Ragele, moeding wa Benjamine, Tseltsa; ba tla re ho wena: Di bonwe diesele tseo o ileng ho di batla; bona, ntatao o lebetse taba tsa diesele, o se a belaela bakeng sa lona, o re: Haele mora ka, ke tla etsa jwang bakeng sa hae?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 10:2
7 Referencias Cruzadas  

Yaba ba tloha Bethele, mme yare ba se ba le haufinyana le ho fihla Eferata, Ragele a tshwarwa ke mahlaba a pelehi, mme a thatafallwa.


Hoba nna ke tlohe Padane, Ragele o ile a shwela matsohong a ka naheng ya Kanana, re le tseleng, haufi le Eferata. Ka mo epela teng, pela tsela ya Eferata, e leng Betlelehema.”


Morena o bua tjena: “Mohoo o utlwahetse Rama, seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, Ragele o hana ho tshediseha, hobane bana ba hae ha ba sa le yo.”


le Sela, le Elefe, le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeata, le Kiriate. Kaofela ha yona ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona.


Saule a re ho rangwanae: “O ile a re bolella hantle hore ditonki di fumanwe.” Empa ha a a ka a mmolella letho ka taba ya mmuso, eo Samuele a e buileng ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos