Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 14:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jwale, Saule le setjhaba kaofela se dutseng ho yena, ba phutheha, mme ba ba moo e lwanang; ba fihlela Bafilesta ba hlabana ka marumo e le bona, ho le moferefere o moholo haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Saule le banna ba neng ba ena le yena ba bokana, ba ikakgela ntweng. Ba fumana pherekano e le kgolo, Bafilesita ba hlabana ka disabole.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:20
8 Referencias Cruzadas  

Le morena wa Iseraele a tswa hae, a qhala bapalami le ba makoloing, a bolaya Basiria ba bangatangata.


Bana ba Ammone le Bamoabe ba lwantsha ba ahileng thabeng ya Seire ho ba neela anathema le ho ba timetsa; mme eitse hobane ba qetele ho timetsa baahi ba Seire, ba tlatsana ho timetsana ba nnotshi.


Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.


Ke tla mmiletsa lerumo thabeng tsohle tsa ka, ho bolela Morena Jehova; lerumo la e mong le tla hlaba ngwanabo.


Ba makgolo a mararo ba nna ba letsa diterompeta, mme Jehova a etsa hore e mong le e mong wa Bamidiane a hlabe e mong ka sabole ya hae diahelong tsohle, bohle ba diahelong ba ba ba baleha ho ya fihla Bethe-Shitta, nqa Tserera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, nqa Tabbathe.


Balebedi ba Saule ba neng ba le Gibea wa Benjamine, ha ba tadima, ba bona bongata bo fela, bo ntse bo eya bo qhalana.


Hosasane, ha ho le jwalo, ke tla o romela monna ya tswang naheng ya Benjamine; o ke o mo tlotse, e be mong a setjhaba sa ka sa Iseraele; o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesta, etswe ke hopotse setjhaba sa ka, kahobane dillo tsa sona di fihlile ho nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos