Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 9:16 - BIBELE

16 “Hosasane, ka nako yona ena, ke tla romela monna ya tswang naheng ya Benjamine ho wena. O tla mo tlotsa hore e be kgosi ya setjhaba sa ka, mme o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesita. Ke bone ho sotleha ha setjhaba sa ka, hobane sello sa sona se fihlile ho nna.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hosasane, ha ho le jwalo, ke tla o romela monna ya tswang naheng ya Benjamine; o ke o mo tlotse, e be mong a setjhaba sa ka sa Iseraele; o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesta, etswe ke hopotse setjhaba sa ka, kahobane dillo tsa sona di fihlile ho nna.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 9:16
17 Referencias Cruzadas  

Etsang jwalo he, hobane Morena o buile ho Davida, a re: ‘Ka letsoho la mohlanka wa ka Davida ke tla namolela setjhaba sa ka sa Baiseraele matsohong a Bafilesita le matsohong a dira tsohle tsa sona.’ ”


“Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.


Thapelo ya motho ya tsietsing, ya imetsweng, ya hlahisang sello sa hae kapele ho Morena.


Jwale a tadima ho tshwenyeha ha bona, ha a utlwa sello sa bona.


Tadima ho hlopheha ha ka le tsietsi ya ka, mme o ntshwarele dibe tsa ka tsohle.


Motho o itherela tsela ya hae, empa ke Morena ya mo tataisang.


“Yaba Hanamele, mora wa rangwane, o fihla ho nna ka lebaleng la tjhankana, ho ya ka polelo ya Morena, o re ho nna: ‘Ako reke tshimo ya ka e Anatote, naheng ya Benjamine hle, hobane o na le tokelo ya bojalefa le ya ho lopolla. Ithekele yona.’ “Yaba ke a tseba, he, hore lena ke lona lentswe la Morena.


Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae.


Saule le banna ba neng ba ena le yena ba bokana, ba ikakgela ntweng. Ba fumana pherekano e le kgolo, Bafilesita ba hlabana ka disabole.


Ka letsatsi leo, Morena a namolela Baiseraele, mme ntwa ya ba ya ya feta Bete-Afene.


Samuele a re ho Saule: “Morena o ile a nthoma hore ke o tlotse, o be kgosi ya setjhaba sa hae sa Iseraele. Jwale, ka baka leo, mamela mantswe a Morena.


Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”


Ebe o bitsetsa Jese sehlabelong sena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa. O tla ntlotsetsa eo ke tla o bolella yena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos