Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hanameele, ngwana rangwane, a ba a tla ho nna lebaleng la teronko, kamoo ho neng ho boletse Jehova kateng, a re ho nna: Ako ithekele tshimo ya ka e Anathothe, naheng ya Benjamine, hobane tokelo ya ho e rua ke ya hao le ya topollo ke ya hao; o ithekele yona. Yaba ke a tseba hobane ke lona lentswe la Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “Yaba Hanamele, mora wa rangwane, o fihla ho nna ka lebaleng la tjhankana, ho ya ka polelo ya Morena, o re ho nna: ‘Ako reke tshimo ya ka e Anatote, naheng ya Benjamine hle, hobane o na le tokelo ya bojalefa le ya ho lopolla. Ithekele yona.’ “Yaba ke a tseba, he, hore lena ke lona lentswe la Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:8
15 Referencias Cruzadas  

Yaba morena o tsebisa moprista Abiathare, a re: Ikele Anathothe, masimong a hao, hobane o lokelwa ke ho shwa; empa kajeno, nke ke ka o bolaya, kahobane o kile wa jara areka ya Morena Jehova pela ntate Davida, le hobane o kile wa tubeha kahohle kamoo le ntate a ileng a tubeha kateng.


Mikea a re: Ho bona, o tla bona tsatsing leo, mohla o tla itswaketsa phaposing e nngwe le e nngwe o tle o ipate.


Lelokong la Benjamine, ba newa Geba le mathoko a teng, le Allemethe le mathoko a teng, le Anathothe ka mathoko a teng. Metse yohle ya bona, melokong ya bona, e ne e le metse e leshome le metso e meraro.


Mantswe a Jeremia, mora Hilkia, e mong wa baprista ba Anathothe, lefatsheng la Benjamine,


Makgotla a morena wa Babilona a ne a thibeletse Jerusalema, mme moporofeta Jeremia o ne a kwaletswe lebaleng la teronko e neng e le ka tlung ya morena wa Juda;


Leha ho le jwalo, Morena Jehova, o bile wa re ho nna: O ithekele tshimo eo ka ditjhelete, o nke dipaki, kanthe motse o se o ya neelwa matsohong a Bakalde.


Bona, Hanameele, mora Shallume, ngwanabo ntatao, o ya tla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anathothe, hobane ke wena ya nang le tokelo ya topollo ho e reka.


Lentswe la Jehova la boela la tla ho Jeremia, ha a ntse a kwaletswe lebaleng la teronko, la re:


Jeremia a tswa Jerusalema ho ya lefatsheng la Benjamine, ho intsha hara setjhaba.


Ka etsa jwalo, kamoo a ntaetseng kateng. Motshehare, ka ntshetsa thoto ya ka kantle, jwalokaha ho ntshwa thoto ya mofalli; mantsiboya, ka phunya lerako ka matsoho a ka. Eitse ka shwalane, ka e ntshetsa ntle, mme ka e jara ka mahetla pela mahlo a bona.


Sa kgaolwa ka tsatsi leo; mme tse fokolang tsa mohlape, tse neng di ntlhokomela, tsa lemoha kahoo hobane e be e le lentswe la Jehova.


Yaba ntata ngwana o lemoha hobane ke ka yona hora eo Jesu a neng a re ho yena: Mora wa hao o pholohile. A ba a dumela le ba ntlo ya hae kaofela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos