Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka ithekela tshimo ya Hanameele, ngwana rangwane, e Anathothe, ka mo lekanyetsa ditjhelete, e leng dishekele tsa silefera tse leshome le metso e supileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ka reka tshimo ya Hanamele, mora wa rangwane, e neng e le Anatote, mme ka mo lefa ka silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:9
11 Referencias Cruzadas  

Yare hobane dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta la boima ba halofo ya shekele, le mefitshana e mmedi ya matsoho ya dishekele tse leshome tsa kgauta,


Yare ha ho feta bahwebi bao ba Midiane, ba nyolla Josefa, ba mo ntsha lemeneng, ba mo rekisa ho baishmale ka ditjhelete tse mashome a mabedi; mme ba ikela Egepeta le Josefa.


Ha morena a feta, a hoeletsa ho morena, a re: ke le mohlanka wa hao, ke be ke ile ntweng, mme ka bona motho a kgeloha, a tlisa motho ho nna, a re: Boloka motho enwa; ha a ka thoba, ho phela ha hao ho tla ema bakeng sa ho phela ha hae, kapa o lefe ka talenta ya silefera.


Athe babusisi ba pele, ba nnileng ba eba teng pele ho nna ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka bohobe le veine ho sona, ba nka le dishekele tse mashome a mane tsa silefera; hape, bahlanka ba bona ba ne ba busa ka thata hodima setjhaba; empa nna, ha ke a ka ka etsa jwalo ka baka la ho tshaba Modimo.


Ha morena a dumela, ho ke ho ngolwe taelo ya ho ba timetsa, mme ke tla lekanyetsa ba tshwereng mosebetsi oo ditalenta tsa silefera tse kete tse leshome, ba tle ba di kenye bobolokelong ba morena.


Ha kgomo e hlabile lekgoba la monna kapa la mosadi, monga lona o tla lefelwa ka dishekele tse mashome a mararo tsa silefera, kgomo yona e tlepetswe.


Na le ntshetsa keng seo e seng dijo tjhelete, le ikgathaletsa keng se sa kgoriseng? Mmameleng hle, mme le tla ja se monate, meya ya lona e ithabise ka tse nonneng.


Dijo tseo o di jang, o tlo di je ka boima ba dishekele tse mashome a mabedi ka letsatsi; o tle o di je ka nako e itseng le ka nako e itseng.


Yaba ke ipatlela yena ka ditjhelete tse leshome le metso e mehlano le ka tekanyo ya harese e lekanang homere e nang le halofo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos