Jeremia 32:9 - BIBELE9 Ka reka tshimo ya Hanamele, mora wa rangwane, e neng e le Anatote, mme ka mo lefa ka silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)9 Ka ithekela tshimo ya Hanameele, ngwana rangwane, e Anathothe, ka mo lekanyetsa ditjhelete, e leng dishekele tsa silefera tse leshome le metso e supileng. Ver Capítulo |
Ha kgosi e feta a e howeletsa, a re: “Mohlanka wa hao o ne a ikakgetse moo ntwa e leng mahlomafubedu; yaba monna e mong o tswa hara theko, o ntlisetsa motho, o re ho nna: ‘Disa motho enwa! Haeba a ka tshoha a phonyoha, o tla bolawa bakeng sa hae; ho seng jwalo o tla lefa silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.’
Babusisi ba neng ba bile teng pele ho nna, ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka dijo le veine ya sona, ntle ho ditjhelete tsa silefera tse ka etsang boima ba dikeramo tse mashome a tsheletseng, tseo e neng e le lekgetho la letsatsi ka leng, la motho ka mong. Esita le bahlanka ba bona ba ne ba ikalatisa hodima setjhaba. Empa nna ha ke a ka ka etsa jwalo, ka lebaka la ho tshaba Modimo.