Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 14:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Jehova a namolela Iseraele jwalo tsatsing leo; ntwa yona ya fetela pele, ho ya fihla Bethe-Avene.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ka letsatsi leo, Morena a namolela Baiseraele, mme ntwa ya ba ya ya feta Bete-Afene.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:23
12 Referencias Cruzadas  

Athe Jehova o ne a sa ka a re, o tla hlakola lebitso la Iseraele tlasa mahodimo; a mpa a ba pholosa ka Jeroboame, mora Joase.


Ba ema hare ho tshimo, ba e tseka, mme ba qhala Bafilesta; Jehova a namolela Iseraele ka hlolo e kgolo.


Jehova a loela Esekiase le ba ahileng Jerusalema jwalo matsohong a Sankeribe morena wa Assiria, le matsohong a bohle, mme a ba sireletsa ka nqa tsohle.


Jehova a namolela Iseraele ka tsatsi leo matsohong a Baegepeta, mme Iseraele a bona Baegepeta lebopong la lewatle e se e le ditopo.


Haele ntlo ya Juda, ke tla e hauhela, ke e pholose ka Jehova, Modimo wa yona; empa hase ka seqha, le ka lerumo, le ka ntwa, le ka dipere le ka bakalli ke tlang ho e pholosa.


hobane Jehova, Modimo wa lona, o tsamaya le lona ho le lwantshetsa dira tsa lona, le ho le namolela.


Joshua ha a le Jeriko, a romela banna Ai, e haufi le Beth-Avene, ka nqa botjha-bela ho Bethele, a ba bolella, a re: Eyang le hlwele lefatshe. Banna bao ba ya, ba hlwela Ai.


Enere Jehova ha a ba hlahisetsa baahlodi, Jehova o ne a emela moahlodi, a ba namolela matsohong a dira tsa bona ka ditshiu tsohle tsa moahlodi eo; hobane Jehova o ne a ntse a fetoha ke ho utlwa dillo tsa bona ha ba lliswa ke ba ba hlorisang, ba ba tshwenyang.


Empa kajeno, le lahlile Modimo wa lona, wona o le lwetseng tsietsing tsa lona tsohle le mahlomoleng a lona wohle, la re ho wona: Tjhe, o re beele morena. Ha ho le jwalo, itlhahiseng jwale pela Jehova ka meloko ya lona le ka dikete tsa lona.


Haele Bafilesta, ba phutheha ho futuhela Iseraele ka dikete tse mashome a mararo tsa makoloi, le kete tse tsheletseng tsa bapalami, le ka setjhaba se ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. Ba tla, ba emisa Mikmashe, ka botjhabatsatsi ho Bethe-Avene.


Hosasane, ha ho le jwalo, ke tla o romela monna ya tswang naheng ya Benjamine; o ke o mo tlotse, e be mong a setjhaba sa ka sa Iseraele; o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesta, etswe ke hopotse setjhaba sa ka, kahobane dillo tsa sona di fihlile ho nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos