Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 14:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Banna ba Iseraele ba ne ba kgathetse tsatsing leo; empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: Ho rohakwe motho ya jang dijo ho isa mantsiboya, ke be ke iphetetse ho dira tsa ka. Ka baka leo, setjhaba kaofela ha se a ka sa utlwa bohobe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Ka letsatsi leo, banna ba Baiseraele ba ne ba lapile, empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: “Ho rohakehe monna ya tla ja dijo kajeno, pele ho phirima, mme ke eso iphetetse ho dira tsa ka.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:24
19 Referencias Cruzadas  

Modimo wa poloko ya ka o ke o hodiswe, Modimo o mpheteletsang, o nkokobeletsang ditjhaba,


Ka molomo wa hae monyefodi o bolaya ba habo, empa ba lokileng ba bolokwa ke tsebo.


Motho ya kgethilweng ka anathema, ha ho kamoo a ka lopollwang kateng; o tla bolawa.


Ekare ha motho a itlama feela ka molomo, mme a hlapanya hore o tla etsa bobe, kapa botle, ka mokgwa ofe le ofe oo motho a ka buang ka wona, leha a sa ka a lemoha, ha a qala ho lemoha, eba o molato.


Yaba Baiseraele ba ikana ho Jehova, ba re: Ha o neela setjhaba seo matsohong a rona, re tla neela metse ya bona anathema.


Mona moprista o tla hlapantsha mosadi ka kano ya thohako, mme o tla re ho mosadi: Jehova a o neele thohakong le hlapaolong hara setjhaba sa heno, a omeletse letheka la hao, a kokomose mpa ya hao;


Hobane ke paki ya bona, ya hore ba na le tjheseho ho Modimo, empa e seng ka kelello.


Ekare ha motho a le teng, ya sa rateng Morena Jesu, a be anathema. Maranatha (Morena wa rona o a tla).


Mohlang oo, Joshua a hlapanya, a re: Ho rohakwe pela Jehova motho ya tla tsosa le ho haha motse ona wa Jeriko; o tla o thea ka ho senyehelwa ke mora hae wa letsibolo, o tla tiisa dikgoro tsa wona ka ho senyehelwa ke mora hae wa ho fela.


Eitse hobane Baiseraele ba iphe matla, ba ntshisa Bakanana lekgetho, ba mpa ba se ke ba ba lelekela ruri.


Bokang Jehova! hobane banaila ba eteleditse Baiseraele pele ntweng, le sona setjhaba se itlisitse teng ka ho rata.


Athe bohle ba ne ba kene morung, moo dinotshi di neng di le teng fatshe.


hobane, ka Jehova ya phelang, ya namoletseng Iseraele, leha bo ka ba ho mora ka Jonathane, o tla shwela ruri. Mme ho se ke ha eba le a mong wa setjhaba ya mo fetolang.


Saule a re: le bolelle Davida, le re: Morena ha a lakatse mapea, haese mengala e lekgolo ya Bafilesta, hore morena a iphetetse ho dira tsa hae. Athe Saule o ne a hloma a ka dihela Davida matsohong a Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos