Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 9:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jehova o ne a se a tsebisitse Samuele, tsatsing le kapele ho leo Saule a fihlileng ka lona, a re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ka letsatsi le kapele ho la ho fihla ha Saule, Morena o ne a ile a senolela Samuele, a re:

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 9:15
13 Referencias Cruzadas  

Hobane, oho Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o senoletse mohlanka wa hao wa re: Ke tla o hahela ntlo. Ke ka baka lena, ke le mohlanka wa hao, ke betileng pelo ho bea thapelo ena ho wena.


Ke moo o itshenolang ho batho, o tiisang thuto eo o ba rutang yona;


Lekunutu la Jehova ke la ba mo tshabang, o ba ruta selekane sa hae.


Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.


Mehleng eo, ba qela morena, mme Modimo wa ba nea Saule, mora Kishe, monna wa leloko la Benjamine, ka dilemo tse mashome a mane.


Hobane lengeloi la Modimo, oo ke leng wa wona, oo ke o sebeletsang, le itlhahisitse ho nna bosiung bona,


Ebile Samuele o re ho Saule: Jehova o ne a nthome ho o tlotsa, hore o be morena wa setjhaba sa hae sa Iseraele. Jwale, mamela taba tsa molomo wa Jehova.


Jonathane a re ho yena: Tjhe, ha o ka ke wa shwa le ho leka; bona, ntate a ke ke a etsa letho le leholo, kapa le lenyenyane, a sa ntsebise; ntate a ka mpatela taba e kalo jwang? Tjhe, ha ho jwalo.


Jehova a boela a itlhahisa Silo; ke hona Silo moo Jehova a neng a itshenolela Samuele ka lentswe la hae la Jehova.


Yaba ba kena motseng, mme ha ba fihla hara motse, ba bona Samuele a tla ba kgahlanyetsa, a se a nyolohela nqalong e phahameng.


Samuele ha a bona Saule, Jehova a eketsa a re: O a mmona, mnna elwa ke neng ke o bolella yena; ke yena ya tla busa setjhaba sa ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos