Mattheu 3:2 - Baasraak Sotho NT A re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse. Sesotho 1909/1961 (SO) O ne a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse. BIBELE a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse. |
Yaba o qala ho omanya metse eo mehlolo e mengata e entsweng ho yona, kahobane e ne e sa ka ya baka.
Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, mme ba tla o tswa; mme bonang, e moholo ho Jonase o teng mona.
A araba, a re ho bona: Ke hobane le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.
A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya ileng a jala peo e ntle tshimong ya hae.
A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e jala tshimong ya hae.
A ba bolella setshwantsho se seng; Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a e nkileng, a e pata ka tekanyong tse tharo tsa phofo, ya ba ya bela kaofela.
Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlooa le lahlelwang lewatleng, la bokella mefuta yohle ya mefuta.
A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao ya rupetsweng mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ntshang letlotlong la hae dintho tse ntjha le tsa kgale.
Ka baka leo, mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le morena ya neng a rata ho qosa bahlanka ba hae.
Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ileng a tswa e sa le kameso ho ya thapa basebetsi tshimong ya hae ya merara.
Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo;
Mohlang oo mmuso wa mahodimo o tla tshwantshwa le barwetsana ba leshome, ba nkileng mabone a bona, ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.
Hobane mmuso wa mahodimo o jwaloka motho ya etang, a bitsa bahlanka ba hae, a ba nea maruo a hae.
Ho tloha mohlang oo Jesu a qala ho bolela, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.
Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.
Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme ntho tseo tsohle le tla di ekeletswa.
Empa ekare ha ke leleka batemona ka monwana wa Modimo, ruri mmuso wa Modimo o le fihletse.
Ke re ho lona: Ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.
Ke re ho lona: Ka mokgwa o jwalo thabo e tla ba teng lehodimong ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, ho fetisa ka baka la ba lokileng ba mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, ba sa hlokeng pako.
Ka mokgwa o jwalo, etlare ha le bona tseo di etsahala, le tsebe hoba mmuso wa Modimo o atametse.
le hore pako le tshwarelo ya dibe di bolelwe ka lebitso la hae hara ditjhaba tsohle, ho qala Jerusalema.
A lelaletsa mahlo a hae ho barutuwa ba hae, a re: Ho lehlohonolo lona bafumanehi, hobane mmuso wa Modimo ke wa lona.
Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba kgutsa, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Jwale, Modimo o neile le baditjhaba pako e isang bophelong.
Mme mehla ya ho se tsebe hoo Modimo ha o a ka wa iphapanyetsa yona; empa jwale o laela batho bohle kahohle ho baka;
Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla amohela neo ya Moya o Halalelang.
ke pakela Bajuda, le Bagerike, pako ho Modimo, le tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste.
Empa ke ile ka qala ka ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ho baditjhaba, hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e tshwanelang pako.
Ka moo he, bakang, mme le sokolohe, hore dibe tsa lona di hlakolwe, hore ho tle ho fihle dinako tsa kgatholoho tse tswang sefahlehong sa Morena;
O laye ka bonolo ba hanyetsang; ha ekaba mohlomong Modimo o tla ba nea pako e isang tsebong ya nnete;
Ka baka leo, a re tloheleng ditaba tsa motheo tsa thuto ya Kreste, re feteleng phethehong; re sa thee hape motheo oa pako ea mesebetsi e shoeleng, le oa tumelo ho Molimo;
Morena ha a diehe mabapi le pallo ya hae, jwalokaha ba bang ba lekanya tieho; mme o pelotelele mo go rona, a sa eletse gore ope a swe, mme o rata gore botlhe ba fitlhe mo boikwatlhaong.
Hopola moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.