Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -


Mattheu 4 - Baasraak Sotho NT


Mattheu 4

1 Yaba Jesu o iswa ke Moya feelleng ho lekwa ke Diabolosi.

2 Eitse hobane a itime dijo matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, kamora moo a lapa.

3 Mme moleki a tla ho yena, a re: Ha o le Mora wa Modimo, laela majwe ana hore e be bohobe.

4 Empa a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo.

5 Yaba Diabolose o mo nkela motseng o halalelang, a mmea qhoweng ya tempele.

6 A re ho yena: Ha o le Mora wa Modimo, itihele fatshe; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla laela mangeloi a hae bakeng sa hao; lejoe.

7 Jesu a re ho yena: Ho ngodilwe hape, ho thwe: O se ke wa leka Morena Modimo wa hao.

8 Yaba Diabolose o boela a mo isa thabeng e telele haholo, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe, le kganya ya yona;

9 A re ho yena: Tsohle tseo ke tla o nea tsona, ha o ka itihela fatshe, wa kgumama pela ka.

10 Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.

11 Yaba Diabolosi o a mo tlohela, mme bonang, mangeloi a tla, a mo sebeletsa.

12 Yare ha Jesu a utlwa hobane Johanne o kentswe teronkong, a tloha a ya Galelea;

13 A tloha Nasaretha, a ya aha Kapernauma, e lebopong la lewatle, moeding wa Sabulone le Nefthali;

14 hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re:

15 Lefatshe la Sabulone, le lefatshe la Nefthalime, le pela lewatle, mose wane wa Jordane, Galilea wa Baditjhaba;

16 Batho ba neng ba dutse lefifing ba bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng le moriting wa lefu.

17 Ho tloha mohlang oo Jesu a qala ho bolela, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.

18 Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng;

19 A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.

20 Ba phakisa ba tlohela matlowa, ba mo latela.

21 Ha a tswela pele ho tloha moo, a bona ba bang ba babedi ba bara ba motho, e leng Jakobo, mora Sebedea, le Johanne ngwanabo, ba le ka sekepeng le Sebedea ntata bona, ba ntse ba lokisa matlowa a bona; mme a ba bitsa.

22 Ba phakisa ba tlohela sekepana le ntata bona, ba mo latela.

23 Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.

24 Tumo ya hae ya utlwahala naheng yohle ya Siria, mme ha tliswa ho yena bohle ba kulang, ba tshwerweng ke malwetse a mefutafuta, le mahloko, le ba nang le batemona, le ba tshwerweng ke bolwetsi, le ba shweleng ditho; mme a ba fodisa.

25 Matshwele a mangata a mo latela, a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane.

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Síguenos en:



Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos