Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 4:4 - Baasraak Sotho NT

4 Empa a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Empa Jesu a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Modimo.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Empa a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 4:4
26 Referencias Cruzadas  

Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho; empa se tswang molomong ke sona se silafatsang motho.


Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.


Jesu a re ho yena: Ho ngodilwe hape, ho thwe: O se ke wa leka Morena Modimo wa hao.


A re: Se tswang ho motho, ke sona se silafatsang motho.


Jesu a araba, a re ho yena: Ho itswe: O se ke wa leka Morena Modimo wa hao.


Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tsa Modimo.


Jesu a araba, a re ho yena: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Jehova, Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.


Etlare ha Moemedi a fihla, eo ke tla mo romela ho lona a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.


Moya ke wona o phedisang; nama ha e thuse letho: dipolelo tseo ke le bolellang tsona ke moya, mme ke bophelo.


Hobane tsohle tse ngodilweng pele, di ngotswe ho re ruta, hore ka mamello le ka tshediso ya Mangolo re tle re be le tshepo.


Le nke heleme ya poloko, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos