Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 2:5 - Baasraak Sotho NT

5 Hopola moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hopola hle moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ha ho se jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Hopola he, hore na o wele ha o le hokae; o bake, mme o boele o phethe mesebetsi ya hao ya pele. Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose sedulwana sa lebone la hao tulong ya sona, haeba o sa bake.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hopola moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 2:5
34 Referencias Cruzadas  

Lona le lesedi la lefatshe. Motse o hodima leralla o ke ke wa pateha.


Le gone batho ga ba tshube lobone ba lo bewa ka fa tlase ga kgamelo, fa e se mo setlhomong; mme e bonesetsa bohle ba ka tlung.


Jwale monga tshimo ya merara o tla etsa jwang? o tla tla, a timetse balemi, mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang.


O tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, ho sokollela dipelo tsa bontate ho bana ba bona, le ba sa mameleng bohlaleng ba ba lokileng; ho lokisa setjhaba se lokiseditsweng Morena.


O tla tla, a timetse balemi bao, mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang. Yare ha ba utlwa, ba re: Ha ho jwalo!


Le lokolotswe ke Kreste, lona ba ho lokafatswang ke molao; le wele mohaung.


Le tle le hloke sekodi, le se na molato, le be bana ba Modimo ba sa nyatseheng hara setjhaba se kgopo, se kgopo, seo le kganyang ho sona jwaloka dinaledi lefatsheng.


Le mpe le hopole mehla ya pele, eo, ha le se le boneseditswe, le mameletse ntwa e kgolo ya mahlomola;


Ha ho le jwalo, lona, baratuwa, erekaha le tsebile taba tseo pele, iponeleng, le tle le se ke la kgeloswa ke timelo ya ba kgopo, la wa ho tiiseheng ha lona.


Ho yena ya nang le matla a ho le boloka le se ke la wa, le ho le hlahisa le se na sekodi pela sefahleho sa hae, ka thabo e kgolo.


Sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng;


Batho ba tjheswa ke mocheso o moholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo o nang le matla hodima dikotsi tsena, mme ha ba ka ba baka ho mo tlotlisa.


Bakang; ho seng joalo, ke tla tla ho uena kapele, ’me ke tla ba loantša ka sabole ea molomo oa ka.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le lerato la hao, le tshebeletso ya hao, le tumelo ya hao, le mamello ya hao, le mesebetsi ya hao; mme ba morao ba tla feta ba pele.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le mokgathala wa hao, le mamello ya hao, le kamoo o sitwang ho mamella ba babe;


Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, ke ba laya: tjheseha ke hona, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos