Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:52 - Baasraak Sotho NT

52 A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao ya rupetsweng mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ntshang letlotlong la hae dintho tse ntjha le tsa kgale.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

52 A re ho bona: Ke moo ke reng: Mongodi e mong le e mong, ya rutilweng tsa mmuso wa mahodimo, o jwaloka motho eo e leng monga ntlo, ya ntshang dintho tse ntjha le dintho tsa kgale letlotlong la hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

52 A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao se rutilweng tsa Mmuso wa mahodimo se tshwana le monga ntlo ya ntshang tse ntjha le tsa kgale letlotlong la hae.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

52 A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao ya rupetsweng mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ntshang letlotlong la hae dintho tse ntjha le tsa kgale.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:52
31 Referencias Cruzadas  

Motho ya molemo o ntsha tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae;


Jesu a re ho bona: “Na le utlwisisa ntho tseo tsohle? Ba re ho yena: E, Morena.


Eitse hobane Jesu a qete ditshwantsho tseo, a tloha teng.


Ka baka leo, bonang, ke romela ho lona baporofeta, le ba bohlale, le Ditsebi tsa Molao; le tla otla ba bang masinagogeng a lona, le ba hlorise ho tloha motseng o mong ho ya ho o mong;


Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;


Ka baka leo, bohlale ba Modimo bo itse: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang, ba hlorise ba bang ho bona;


Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.


re le ba hlomohileng, empa re ntse re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; jwaloka hoja re se na letho, athe re ruile dintho tsohle.


Ke ka hona etlare ha le bala, le tle le utlwisise tsebo ya ka sephiring sa Kreste.


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


Jwalokaha le ithutile ho Epafrase, mohlanka mmoho le rona ya ratehang, eo e leng mosebeletsi ya tshepahalang wa Kreste bakeng sa lona;


A Lentswe la Kreste le ikahele ka ho lona ka ho enneng ka bohlale bohle; le rutane le ho eletsana ka dipesaleme le difela le dipina tsa moya, le binele Morena ka mohau ka dipelong tsa lona.


E se be motho ya sa tswa sokoloha, esere a ikgohomosa, a wela tsuong ya Diabolosi.


A tiisetse lentswe le tshepahalang kamoo a rutilweng kateng, hore a tle a tsebe ho kgothatsa ka thuto e phelang, le ho kgodisa ba hanyetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos