Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:11 - Baasraak Sotho NT

11 A araba, a re ho bona: Ke hobane le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 A araba, a re ho bona: Ke hobane le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:11
40 Referencias Cruzadas  

Barutuwa ba tla ho yena, ba re: O reng o bua le bona ka ditshwantsho?


Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone mora Jona, hobane hase nama le madi tse o senoletseng tsona, empa ke Ntate ya mahodimong.


Empa a re ho bona: Hase bohle ba ka amohelang polelo eo, haese ba e neilweng.


A re ho bona: Efela le tla nwa senwelong sa ka, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; ho bao ba di lokiseditsweng ke Ntate.


Empa ho dula ka letsohong la ka le letona le ho le letshehadi ha se nna ya fanang ka yona; empa ho tla newa bao ho lokiseditsweng bona.


A re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo;


A re: Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa Modimo; gore go bona ba se bone, le ge ba ekwa ba se ke ba kwešiša.


A re: Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Ha ho motho ya ka tlang ho nna, ha a sa fuwe ke Ntate.


Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba tsa thuto eo, hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna.


Jwale mosadi e mong ya bitswang Lidia, morekisi wa diaparo tse pherese, wa motseng wa Thiatire, ya tshabang Modimo, ya neng a rapela Modimo, a re utlwa, eo pelo ya hae e neng e bulehile, hore a ele hloko tse bolelwang ke Pauluse.


Bana beso, ha ke rate hore le hloke tsebo ya sephiri sena, esere la ipona le le ba bohlale; hore bofofu bo hlahetse Iseraele ka nqa e nngwe, ho fihlela botlalo ba Baditjhaba bo kena.


Jwale, ho yena ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le ka thero ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se patilwe ho tloha mehleng ya boholoholo.


Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ke utlwisisa diphiri tsohle le tsebo yohle; mme leha ke na le tumelo yohle, hoo nka tlosang dithaba, mme ke se na lerato, ha ke letho.


Bonang, ke le bolella sephiri; Re ke ke ra robala bohle, empa re tla fetoha bohle.


Empa motho wa nama ha a amohele dintho tsa Moya wa Modimo, hobane ke bohlanya ho yena;


Empa re bolela bohlale ba Modimo e leng sephiri, e leng bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele ho mehla ya lefatshe, e tle e be kganya ya rona.


A motho a re nke re le bahlanka ba Kreste, le balebedi ba diphiri tsa Modimo.


Hobane ke mang ya o etsang hore o fapane le e mong? ’me u na le eng eo u sa kang ua e amohela? jwale, haele moo o e amohetse, o ithorisa jwang, jwalokaha eka ha o a e fuwa?


Mahlo a kelello ya hao a ediswe; le tle le tsebe tshepo ya pitso ya wona, le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


A re tsebisitse sephiri sa thato ya wona, ho ya ka kgahleho ya wona, eo o e rerileng ho yena.


Sephiri sena ke se seholo, empa ke bolela tsa Kreste le tsa kereke.


le bakeng sa ka ke tle ke newe polelo, ke tle ke ahlamise molomo wa ka ka sebete, ke tle ke tsebise sephiri sa Evangeli;


E le hore lipelo tsa bona li tšelisehe, ba kopanngoe hammoho leratong, le leruong lohle la kholiseho e tletseng ea kutloisiso, le tsebong ea sephiri sa Molimo, le sa Ntate, le sa Kreste;


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Ba tshwereng sephiri sa tumelo ka letswalo le hlwekileng.


Ekare ha e mong wa lona a hloka bohlale, a a kope ho Modimo, o fang bohle ka bolokolohi, o sa nyatse; mme o tla e newa.


Empa lona le na le tlotso e tswang ho Mohalaledi, mme le tseba tsohle.


Empa tlotso eo le e amohetseng ho yena e dutse ho lona, mme ha le hloke hore le rutwe ke motho, le nne ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos