Ba o lwantshang ba puruma, ba puruma ba le Sehalalelong sa hao, ba hlomile mekgele ya bona, ba e hloma e le pontsho ya tlholo.
Numere 2:2 - BIBELE “Ha bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona, e mong le e mong wa bona a be pela mokgele wa hae, tlasa folakga ya ntlo ya ntatae. Ba tla hloma ditente tsa bona di potapotile Tente ya Morena, feela ba be hojana le yona. Sesotho 1909/1961 (SO) Bana ba Iseraele ba tla hloma ditente tsa bona mabapa le difolaga tsa matlo a bontata bona, e mong le e mong haufi le folaga ya hae. Ba tla di hloma ba teetse tente ya pokano hare, malebana le yona. |
Ba o lwantshang ba puruma, ba puruma ba le Sehalalelong sa hao, ba hlomile mekgele ya bona, ba e hloma e le pontsho ya tlholo.
Kgalefo ya batho e tla o fetohela thoriso, ba phonyohileng kgalefo ya hao ba tla o etsetsa mekete.
Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”
Lona baahi bohle ba lefatshe, lona ba ahileng lefatsheng, tadimang ha mokgele o phahamiswa dithabeng, mamelang ha lenaka le lla.
Enwa a re ho nna: “Wena ngwana motho, sebaka sena ke sa terone ya ka le sa bonamelo ba maoto a ka. Mona ke moo ke tla phela teng hara bana ba Iseraele kamehla. Baiseraele kapa dikgosi tsa bona ba ke ke ba hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka bootswa ba bona kapa ka ho epela ditopo tsa dikgosi tsa bona mabitleng a tsona.
Mohla tsatsi leo ba tla pholoswa, Morena Modimo wa bona, o tla ba pholosa, hobane tjhaba sena ke mohlape wa hae. Kahara naha ya hae ba tla phatsima, ba phatsime sa mabenyane a mofapahlooho.
O kgethe Balevi hore e be bona balebedi ba Tente ya Morena, e kentseng areka ya selekane, le balebedi ba dijana tsohle tsa yona, le thepa yohle ya yona. Ba tla jara Tente le dijana tsohle tsa yona, e be basebeletsi ka ho yona, mme diahelo tsa bona di e potapote.
Ba nkileng mokgele wa Juda ba tloha pele, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la Juda e ne e le Naheshone, mora wa Aminadabe.
Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa Rubene ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Eleshure, mora wa Shedeure.
Ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Efraime ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Eleshama, mora wa Amihude.
Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Dane, ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona, ba le kamoraorao ho ba diahelo tsohle. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Ahiesere, mora wa Amishadai.
“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Rubene ba tla ba ka borwa, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Rubene e tla ba Elesure, mora wa Shedeure.
“Ba tla hloma ka botjhabela e tla ba ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Juda, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Juda e tla ba Naheshone, mora wa Aminadabe.
Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela,
hobane Modimo ke Modimo wa kgotso, e seng wa moferefere. Jwaloka dikerekeng tsohle tsa badumedi,
Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo.
Ba kgaoditse ho itshwarella ka hlooho, e leng yona e kopanyang mmele wohle ka manonyeletso le mesifa ya wona, e o laole, mme o hole kamoo Modimo a ratang kateng.
Feela pakeng tsa lona le yona ho be le sebaka se bolelele bo ka bang ba kilomethara. Le se ke la atamela haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla tsamaya ka yona, hobane ha le eso ka le tsamaya ka tsela ena.”