Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 1:27 - BIBELE

27 Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Feela hore metsamao ya lona e be kamoo e tshwanelang Evangeli ya Kreste kateng, hore leha ke tla ho le bona, leha ke se ke le siyo, ke utlwe ditaba tsa lona, hore le eme le tiile moyeng o le mong, ka kgopolo e le nngwe le lwanela tumelo ya Modimo. evangeli;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Feela hore metsamao ya lona e be kamoo e tshwanelang Evangeli ya Kreste kateng, hore leha ke tla ho le bona, leha ke se ke le siyo, ke utlwe ditaba tsa lona, hore le eme le tiile moyeng o le mong, ka kgopolo e le nngwe le lwanela tumelo ya Modimo evangeli;

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 1:27
53 Referencias Cruzadas  

Joabe a re: “Haeba Baarame ba ka nkimela, wena o tla nthusetsa; le nna, ke tla o thusetsa haeba Baamone ba ka o imela.


Jerusalema e hahilwe e le motse, tsohle tsa wona di teteane hamonate.


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Bonang, ho hotle, ho monate hakaakang, ha bana ba motho ba phedisana ka kgotso!


hobane Morena o tla emela nyewe ya bona; ba ba jeleng le bona Morena o tla ba fedisa.


Ke tla se nea pelo e leng nngwe le sepheo se le seng, hore se tle se ntshabe kamehla yohle, mme sona, mmoho le ditloholo tsa sona, se fumane tse molemo.


Ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, mme ha ho motse kapa lelapa le ikarolang ho itwantsha le ka tiyang.


Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu.


Kamora matsatsi a seng makae, Felekise a tla le mohatsa hae, Derusilla wa Mojuda, mme a bitsa Paulosi, a mo mamela ha a bolela tsa tumelo ho Jesu Kreste.


Jwale bongata ba ba dumetseng ba eba pelonngwe le moyamong, mme ha se ke ha eba le ya mong ya reng tseo a nang le tsona ke tsa hae a le inotshi, empa tsohle ba di kopanela.


Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba.


Ke ka yena re amohetseng neo ya boapostola, e le hore re ise ditjhaba tsohle mamelong e tswang tumelong, ka baka la hae.


Modimo eo ke mo sebeletsang ka moya wa ka wohle, ka ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mora wa hae, ke paki ya ka, ya kamoo ke sa phetseng kateng ho le rapella.


Ho thweng hape? “Lentswe le haufi le wena, le molomong wa hao le ka pelong ya hao,” e leng lentswe la tumelo, leo re le phatlalatsang.


wa hore ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu hara baditjhaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo ke phetha mosebetsi wa boprista, hore baditjhaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Modimo, e halaleditsweng ke Moya o Halalelang.


Ke a tseba hore, mohla ke le etelang, ke tla tla ka mahlohonolo wohle a Kreste.


Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.


Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.


Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.


e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


Ka ho ananela tshebetso eo, ba bangata ba tla tlotlisa Modimo ka baka la hobane le ikokobeletsa molaetsa o molemo wa Kreste oo le o pakang, le ka baka la hobane ka ho fana le arolelana le bona, esita le ba bang bohle.


Hase hore ho teng o mong osele, empa ho teng ke batho ba le ferekanyang, ba ratang ho sokamisetsa molaetsa o molemo wa Kreste hosele.


Ke ka Kreste le lona le utlwileng lentswe la nnete, molaetsa o molemo o le pholosang. Ke yena eo le bileng la dumela ho yena, la ba la tshwauwa ka letshwao la Moya o Halalelang, oo le neng le o tshepisitswe.


Ka baka leo le nna, ha ke se ke utlwile tsa tumelo ya lona ho Morena Jesu, le lerato leo le ratang badumedi bohle ka lona,


Jwale nna, ke le motshwaruwa ka baka la Morena, ke le rapela hore le phele ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona:


hobane le ile la kopanela molaetsa o molemo wa Kreste le nna, ho tloha letsatsing la pele ho fihlela kajeno.


Ka baka leo, baratuwa, le lona le mamele jwaloka kamehla. Etsang jwalo, e seng feela ha ke le teng, empa haholoholo kajeno ha ke le siyo. Sebeletsang pholoho ya lona ka tshabo le ka thothomelo,


Ka thuso ya Morena ke na le tshepo e tiileng ya hore le nna ke tla tla ho lona haufinyane.


Jwalokaha ke le boleletse ka makgetlo, ke boetse ke pheta hape ka dikgapha, ke re: Ba bangata ba se ba phela e le dira tsa sefapano sa Kreste.


Ha e le rona ha habo rona ke lehodimong, moo re lebeletseng Mopholosi wa rona ho tswa teng, e leng Morena wa rona Jesu Kreste.


Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng.


Ka tsela ena le tla phela ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, le mo kgahlise dinthong tsohle. Le tla atleha mesebetsing yohle e lokileng, mme le hole tsebong ya Modimo.


Re utlwile tsa tumelo ya lona ho Kreste Jesu, le tsa lerato leo le nang le lona ho badumedi bohle,


Hona jwale Timothea o kgutletse ho rona a etswa ho lona, mme o re tliseditse ditaba tse monate tsa tumelo le lerato la lona. O re kamehla le ntse le re hopola ka thabo, mme le hlolohetswe ho re bona, jwalokaha le rona re hlolohetswe ho le bona.


Jwale he, bana beso, le utlwile ka rona mokgwa oo le tshwanetseng ho phela le ho kgahlisa Modimo ka wona. Ka Morena Jesu, re a le kopa, mme re a le rapela hore le phele jwalo, le nne le atlehe le ho feta.


Thuto ena ke e dumellanang le molaetsa o molemo oo ke o tshepetsweng, o tswang ho Modimo ya tlotlehang, ya lehlohonolo.


o be le tumelo le letswalo le kgutsitseng. Ba bang ha ba a ka ba mamela matswalo a bona, mme ba ile ba senyehelwa ke tumelo ya bona.


Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo.


a se ke a ba utswetsa. Empa a bontshe hore a tshepahala kannete, kamehla, hore a tle a etse hore thuto ya Modimo, Mopholosi wa rona, e kgahlehe dinthong tsohle.


hobane ke utlwa ho bolelwa tumelo eo o nang le yona ho Morena Jesu, le lerato leo o nang le lona ho badumedi bohle.


Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso.


Ha e le moo dintho tsohle di tla fediswa jwalo, lona eka kgona le halalele haholo metsamaong le borapeding ba lona,


Ka baka leo, baratuwa, ha le ntse le lebeletse tseo, etsang ka matla hore Modimo a le fumane le se na letheba leha e le sekodi, le ena le kgotso.


Baratuwa, ke ne ke tjhesehela ho le ngolla ka ho pholoswa hoo e leng ha rona bohle. Jwale ka ikutlwa ke tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa ho lwanela tumelo e neilweng bahalaledi hanngwe feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos