Isaia 12:6 - BIBELE6 Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)6 Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele. Ver Capítulo |
Enwa a re ho nna: “Wena ngwana motho, sebaka sena ke sa terone ya ka le sa bonamelo ba maoto a ka. Mona ke moo ke tla phela teng hara bana ba Iseraele kamehla. Baiseraele kapa dikgosi tsa bona ba ke ke ba hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka bootswa ba bona kapa ka ho epela ditopo tsa dikgosi tsa bona mabitleng a tsona.
“Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela, naha e sehelaneng moedi le ya Juda ke naha eo le tla e kgethela Morena. Bolelele ba yona ho tloha botjhabela ho ya bophirimela bo tla lekana le bophara ba yona ho tloha leboya ho ya borwa, e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo jwaloka dikarolo tsa naha tse abetsweng merabe. Sehalalelo se tla ba bohareng ba yona.