Isaia 12:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)6 Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele. Ver CapítuloBIBELE6 Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.” Ver Capítulo |
a re ho nna: Mora motho, ke yona nqalo ya terone ya ka, le moo bohato ba maoto a ka bo tla ema teng, e leng moo ke tla dula hara bana ba Iseraele ka ho sa feleng; ntlo ya Iseraele hae sa tla silafatsa lebitso la ka le halalelang, leha e le bona, leha e le marena a bona, ka ho boka ha bona le ka ditopo tsa marena a bona, le ka dinqalo tsa bona tse diphahameng.
Moeding wa Juda, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke karolo eo le tla e arolela le ho e abela Jehova, e bophara bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bolelele bo lekanang le karolo tse ding, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela; sehalalelo se tla ba teng mahareng a yona.