Jehu a re ho Bidkare, tona ya hae: Mo nke, o mo lahlele tshimong ya Nabothe wa Jisreele; hopola hobane, mohla re neng re kaletse hammoho le wena, re latetse Akabe ntatae, Jehova o boletse tsuo hodima hae,
Tshenolo ya Esaia, mora Amotse, eo a e senoletsweng hodima Juda le Jerusalema, mehleng ya Osiase, le ya Jothame, le ya Akase, le ya Esekiase, marena a Juda:
Boporofeta hodima Egepeta: Bonang! Jehova o kaletse leru le bobebe, o lebile Egepeta; medimo ya Egepeta e thothomela pela hae, mme dipelo tsa Baegepeta di tepella ka ho bona.
mehleng eo, Jehova a bua ka Esaia, mora oa Amotse, a re: Eya, o hlobole lesela le mahwashe le lethekeng la hao, o role dieta maotong a hao. A etsa jwalo, a ya a hlobotse, a sa rwala dieta.
Tsatsing leo, ha ho bolela Jehova wa makgotla, thakgisa e hlomilweng moo ho tiileng e tla tloswa, e lahlwe, e we, mme ntho tsohle tseo e neng e di jere, di tla wela fatshe, hobane Jehova o boletse.
Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa lona, Mohalaledi wa Iseraele: Ka baka la lona, ke rometse ho lwantsha Babilona, mme ke tla ba dihela bohle, ba balehe le bona Bakalde ka dikepeng tseo ba ithorisang ka tsona.
Eitse hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, a tshware Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le baholo ba Juda, le dibetli, le malala Jerusalema, a ba kentse Babilona, Jehova a mpontsha pono; mme bonang, diroto tse pedi tsa difeiye di ne di beilwe pela tempele ya Jehova.
Ba porofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, mehleng ya kgale, ba nnile ba porofeta bakeng sa mafatshe a mangata le sa mebuso e meholo hore ntwa le tlala le lefu la sewa di tla ba teng.
Re hlabisitswe dihlong, hobane re utlwile nyediso; nyatso e apesitse difahleho tsa rona, hobane baditjhaba ba kene dinqalong tse halalelang tsa ntlo ya Jehova.
Ke bona boporofeta ba boletsweng ke Jehova hodima lefatshe la Hadrake, mme bo tla dula hodima Damaseka, — hobane Jehova o qamaka batho bohle, jwalokaha a qamaka meloko yohle ya Iseraele;