Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Morena sefela sena, ba re: “Ke tla binela Morena, hobane ruri o itlotlisitse ka tlholo; o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.
Meriama a phokola sefela, a re: “Binelang Morena, hobane ruri o itlotlisitse, o itlotlisitse ka tlholo, o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.”
Wena Sione, ya tlisang molaetsa o molemo, nyolohela thabeng e phahameng. Wena Jerusalema, ya tlisang molaetsa o molemo, howeletsa haholo o se na tshabo. Bolella metse ya Juda, o re: “Bonang, Modimo wa lona ke enwa!”
Binelang Morena sefela se setjha, mo tlotliseng ho tloha pheletsong tsa lefatshe, lona ba sesisang dikepe lewatleng, le dibopuwa tsohle tse phelang lewatleng, lona dihlekehleke, le bohle ba phelang ho tsona.
Binang ka nyakallo, lona mahodimo, hobane tsena Morena o di entse; howeletsang lona dikgohlo tsa lefatshe, lona dithaba binang haholo, le lona meru le fate tsohle tse ho lona, hobane Morena o lopolotse Jakobo, o bonahaditse tlotla ya hae, a e bonahatsa ka Iseraele.
Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho.
Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: “Mesebetsi ya hao e meholo, e tsoteha hakaakang, Morena Modimo ya matla wohle! Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Kgosi ya ditjhaba.