Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 1:50 - BIBELE

50 O kgethe Balevi hore e be bona balebedi ba Tente ya Morena, e kentseng areka ya selekane, le balebedi ba dijana tsohle tsa yona, le thepa yohle ya yona. Ba tla jara Tente le dijana tsohle tsa yona, e be basebeletsi ka ho yona, mme diahelo tsa bona di e potapote.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

50 o mpe o bee Balevi balebedi ba tabernakele ya bopaki, le ba mesebetsi yohle ya yona. E tla ba bona ba tlang ho jara tabernakele le mesebetsi yohle ya yona; e tla ba bona ba tlang ho etsa tshebetso ya yona, mme ba tla teela tabernakele hare moo e hlongwang teng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 1:50
30 Referencias Cruzadas  

Yaba kgosi e bitsa Moprista e Moholo, Jehoyada, mme ya re ho yena: “Ke ka baka lang o sa kang wa qhoqha Balevi hore ba tlise tjhelete ya lekgetho eo Moshe, mohlanka wa Morena, mmoho le setjhaba sa Iseraele, a ileng a laela hore setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba e ntshetse Tente ya Morena?”


Mehleng ya bo-Eleashibe, le Joyada, le Johanane, le Jadua, ha ngolwa lenane la dihlooho tsa malapa a Balevi le a baprista, ho ya fihla mehleng ya puso ya Dariuse wa Peresiya.


Le mehleng ya Serubabele, le mehleng ya Nehemia, ka tsatsi le leng le le leng, Baiseraele bohle ba nna ba ntshetsa dibini le balebedi ba menyako diabo tsa bona. Ba ntshetsa Balevi diabo tsa bona, mme Balevi le bona ba ba ba ntshetsa ditloholo tsa Arone diabo tsa tsona.


Balevi e ne e le Jeshua, le Binui, le Kademiele, le Sherebiya, le Juda. Bo-Mataneya le bana babo e ne e le bona ba tsamaisang difela tsa teboho.


Ka laela Balevi hore ba itlhwekise, ba tlo lebela menyako, hore letsatsi la Sabatha le nne le halalele. Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona, mme o mpaballe ka baka la boholo ba mohau wa hao.”


O na mo lokiseditse kamore e kgolo, eo pele e neng e sebediswa ho boloka dinyehelo tsa dijo le mokubetso, le thepa, le karolo e le nngwe ya tseo ho fanweng ka tsona ho tse leshome tsa koro, le tsa veine e ntjha, le tsa ole, tseo ka molao ba neng ba lokela ho di nea Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le dinyehelo tse neng di fuwa baprista.


Ke moo ho nyolohelang meloko, meloko yohle ya Morena, ka taelo e neilweng Iseraele, hore e yo boka lebitso la Morena.


Modimo ha a qeta ho bua ho Moshe a le thabeng ya Sinai, a mo nea matlapa a mabedi a ngotsweng Molao, matlapa a ngotsweng ka monwana wa Modimo.


Ena ke kakaretsa ya dintho tsa Leaho, tse ileng tsa bokellwa, tsa Leaho la areka e kentseng matlapa a ngotseng Molao. Dintho tsena di ile tsa bokellwa ka taelo ya Moshe, ke Balevi, ba le taolong ya Itamare, mora wa moprista Arone.


Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.”


Jwale ba morabe wa Kohate, ba neng ba jara dintho tse halalelang, ba tswela pele leetong, mme Tente ya Morena e ile ya hlongwa pele ba fihla.


Moshe a bea melamu ena kapele ho Morena, ka Tenteng ya Morena e kentseng areka ya selekane.


Le tla hlokomela Sehalalelo, le hlokomele le aletare, hore kgalefo ya Morena e se hlole e wela bana ba Iseraele hodimo.


“Jwale Tente ya Morena e tla tloha e jerwe, mokgetho wa Balevi o tsamaye pakeng tsa mekgetho e mmedi e kapele, le e mmedi e kamorao; mekgetho e tsamaye ka ho hlahlamana, jwalokaha e ne e hlahlamantswe ha ho hlongwa; monna e mong le e mong a be sebakeng sa hae, pela mokgele wa hae.


Yaba Moshe o phahamisa letsoho la hae, mme ka molamu wa hae a otla lefika habedi. Metsi a phorosela a le mangata, mme setjhaba sa enwa, le diphoofolo tsa sona tsa enwa.


“Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.


ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.


Hara bana ba Iseraele, Balevi ke ba neile Arone le bara ba hae, hore Balevi ba tle ba sebeletse bana ba Iseraele ka Tenteng ya Morena, ba etsetse bana ba Iseraele tefelo ya sebe hore ho se tshohe ho eba le sewa hara bana ba Iseraele, ha ba atamela Sehalalelong.”


Bo-Moshe, le Arone, le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba etsa jwalo ho Balevi. Ho ya ka tsohle tseo Morena a neng a di laetse Moshe, malebana le Balevi, bana ba Iseraele ba etsa Balevi jwalo.


Kamora moo, Balevi ba kena ka Tenteng ya Morena ho ya sebeletsa ba le tlasa taolo ya Arone le bara ba hae. Jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, malebana le Balevi, ba etsa Balevi jwalo.


Kamorao ho tsena ka bona tempele e lehodimong, e nang le tente ya bopaki, e buleha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos