Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 1:51 - BIBELE

51 Ha ho tsamauwa, Balevi ba tla kgokgotholla Tente; moo ho robaletswang teng, ba tla e hloma, mme e mong osele ya atamelang pela yona o tla bolawa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

51 Etlere ha tabernakele e tloha, Balevi ba e thakgolle, mme etlere ha tabernakele e ema, Balevi ba e hlome; empa moditjhaba ya e atamelang, o tla bolawa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 1:51
15 Referencias Cruzadas  

Bohale ba Morena ba tlokomela Usa, mme Modimo a mmolaya ka baka la ho ama areka. A shwela hona moo pela areka ya Modimo.


Ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi, leru la phahama, la tloha hodima Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.


Hona e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele, hore motho e mong osele eo e seng setloholo sa Arone, a se ke a atamela kapele, ho tjhesetsa Morena mokubetso, esere a ba jwaloka Kora le balatedi ba hae, jwalokaha Morena a ile a bua le Kora ka Moshe.


E mong le e mong ya atamelang, ya atamelang Tente ya Morena, o tla shwa! Na bohle re fela re tla shwa?”


Monna eo ke tla kgetha molamu wa hae, molamu oo wa hae o tla fuputsa, o etse dithunthung. Kahoo ke tla fedisa ho korotla ha bana ba Iseraele, e le hore ba se ke ba o lwantsha.”


Ho tloha jwale, bana ba Iseraele ba se hlole ba atamela Tente ya Morena, esere ba jara sebe, mme ba shwela moo.


Ba tla le hlokomela, ba hlokomele le Tente ya Morena yohle. Feela ba se ke ba atamela dijana tsa Sehalalelo, leha e le ho atamela aletare; e le hore ba se ke ba eshwa, le wena o se ke wa shwa.


“Ba tla o thusa ho sebeletsa, ba hlokomele Tente ya Morena, tshebeletsong yohle ya yona. Ho se be e mong osele ya ka atamelang ho lona.


Wena le bara ba hao le tla sebeletsa le baprista mesebetsing yohle ya aletare, le ho tsohle tse ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa. Ke o nea boprista e le mpho, empa e mong osele ya ka atamelang, a bolawe.”


Arone le bara ba hae bona o tla ba kgethela ho ba baprista, empa e mong osele ya tla atamela o tla bolawa.”


Ba neng ba emisa ka botjhabela, kapele ho Tente ya Morena, e ne e le Moshe, le Arone, le bara ba Arone, ba neng ba sebeletsa ka Sehalalelong bakeng sa bana ba Iseraele. E mong osele ya ka atamelang o tla bolawa.


Banna ba Jekonia ba se ke ba thaba mmoho le baahi ba bang ba Bete-Shemeshe, ha ba bona areka ya Morena, mme Morena a bolaya ba mashome a supileng ba bona. Setjhaba sa eba bofifing, hobane Morena o ne a bolaile batho ba bangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos