Numere 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 Bana ba Iseraele ba tla hloma ditente tsa bona mabapa le difolaga tsa matlo a bontata bona, e mong le e mong haufi le folaga ya hae. Ba tla di hloma ba teetse tente ya pokano hare, malebana le yona. Ver CapítuloBIBELE2 “Ha bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona, e mong le e mong wa bona a be pela mokgele wa hae, tlasa folakga ya ntlo ya ntatae. Ba tla hloma ditente tsa bona di potapotile Tente ya Morena, feela ba be hojana le yona. Ver Capítulo |
a re ho nna: Mora motho, ke yona nqalo ya terone ya ka, le moo bohato ba maoto a ka bo tla ema teng, e leng moo ke tla dula hara bana ba Iseraele ka ho sa feleng; ntlo ya Iseraele hae sa tla silafatsa lebitso la ka le halalelang, leha e le bona, leha e le marena a bona, ka ho boka ha bona le ka ditopo tsa marena a bona, le ka dinqalo tsa bona tse diphahameng.