Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 10:25 - BIBELE

25 Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Dane, ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona, ba le kamoraorao ho ba diahelo tsohle. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Ahiesere, mora wa Amishadai.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Yaba ho tloha folaga ya ntlo ya bana ba Dane; ba tloha ka makgotla a bona, e le serao sa makgotla kaofela; lekgotla la bona le ne le laolwa ke Akiesere, mora Ammishaddai;

Ver Capítulo Copiar




Numere 10:25
12 Referencias Cruzadas  

Ha le na ho tswa le potlakile kapa le baleha, hobane Morena o tla le etella pele, Modimo wa Iseraele o tla le sireletsa serao.


“Jwale sedi la hao le tla hlaha, le hlahe jwaloka mafube a meso, ho fola ha hao le hona ho akofe, ho loka ha hao ho tla o etella pele, tlotla ya Morena e sireletse serao sa hao.


Lapeng la Dane e be Ahiesere mora wa Amishadai.


Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Benjamine e ne e le Abidane, mora wa Gidoni.


Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Ashere e ne e le Pagiele, mora wa Okerane.


Ka letsatsi la leshome ha nyehela kgosana ya bana ba Dane, e leng Ahiesere, mora wa Amishadai.


Baprista ba supileng, ba nkileng manaka a supileng a pheleu, ba tsamaya kapele ho areka ya Morena, ba ntse ba letsa manaka ao. Bahlabani ba tsamaya kapele ho baprista, mme serao sa tsamaya kamora areka ya Morena, baprista bona ba ntse ba letsa manaka.


Bahlabani ba etella pele baprista ba neng ba letsa manaka, mme serao sa tsamaya kamora areka, baprista bona ba ntse ba letsa manaka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos