Senwelo sa Faro se ne se le ka letsohong la ka; yaba ke nka morara, ke o tlhotlela ka senwelong seo sa Faro, ka se nea Faro letsohong.”
Nehemia 2:1 - BIBELE Ka kgwedi ya Mmesa, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya kgosi Aretaseresese, veine e ne e beilwe kapele ho yena. Ka nka veine ena, ka e nea kgosi. Pele ho mona, ke ne ke eso ka ke ema kapele ho kgosi ke hlorile. Sesotho 1909/1961 (SO) Kgweding ya Nisane, ka selemo sa mashome a mabedi sa ho busa ha Artakserksese, eitse ha veine e le pela hae ka nka veine, ka e nea morena. Ke ne ke eso ho ka ke sosobana sefahleho pela hae. |
Senwelo sa Faro se ne se le ka letsohong la ka; yaba ke nka morara, ke o tlhotlela ka senwelong seo sa Faro, ka se nea Faro letsohong.”
A busetsa moqhatsetsi e moholo mosebetsing wa hae wa boqhatsetsi, mme a nea Faro senwelo letsohong,
Le mehleng ya Aretaseresese, bo-Bishelame, le Miteredate, le Tabeele, le metswalle yohle ya bona, ba ngolla Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, lengolo le ngotsweng ka ditlhaku tsa Searame, ka puo ya Searame.
Kamora tsena, mehleng ya puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ho ne ho ena le monna ya bitswang Esera, ya tswetsweng ke Seraya, Seraya ya tswetsweng ke Asariya, Asariya ya tswetsweng ke Hilekiya,
Ka selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, ba bang ba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, le bona ba nyolohela Jerusalema.
Tsena ke dipolelo tsa Nehemia, mora wa Hakaleya: Ka kgwedi ya Tshitwe, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ke ne ke le motseng wa kgosi, wa Shushane.
Oho, Morena, ke a o rapela: Ako thee tsebe o mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le thapelo ya bahlanka ba hao, ba tjhesehelang ho hlompha lebitso la hao. Ke a o rapela: Ako atlehise mohlanka wa hao, hona kajeno, mme o etse hore monna enwa a mo hauhele.” Mehleng eo ke ne ke le moqhatsetsi wa kgosi.
Ka kgwedi ya pele, e leng kgwedi ya Mmesa, selemong sa leshome le metso e mmedi sa puso ya Ahashuerushe, ha etswa Pure, e leng lotho, moo Hamane a ntseng a le teng. Hona ha nna ha etswa ka tsatsi le leng le le leng la kgwedi e nngwe le e nngwe, ho ya fihla kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele.
“Ka baka lena tseba, o utlwisise: Ho tloha mohla ho phatlalatswang taelo, taelo ya hore Jerusalema e tsoswe, ho fihlela ha mmusi a fihla, mmusi ya tlotsitsweng, lemo tse supileng hasupa di tla feta. Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe, ho betlwe diterata le marako a tsoswe; e tsitse dilemo lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, empa mehla ena e tla be le ya ditsietsi!