Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 40:11 - BIBELE

11 Senwelo sa Faro se ne se le ka letsohong la ka; yaba ke nka morara, ke o tlhotlela ka senwelong seo sa Faro, ka se nea Faro letsohong.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Senwelo sa Faro se ne se le letsohong la ka; yaba ke nka ditholwana, ka di tlhotlella senwelong sa Faro, mme ka neela senwelo seatleng sa Faro.

Ver Capítulo Copiar




Genese 40:11
11 Referencias Cruzadas  

Ha tsena di se di fetile, moqhatsetsi wa kgosi ya Egepeta le moapehi wa yona ba kgopisa morena wa bona, kgosi ya Egepeta.


mme sefateng seo sa morara ho ne ho ena le makala a mararo. Yare ha se fuputsa, sa be se se se thunya hanghang, mme morara o butswa.


Josefa a re ho yena: “Tlhaloso ya yona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo.


A busetsa moqhatsetsi e moholo mosebetsing wa hae wa boqhatsetsi, mme a nea Faro senwelo letsohong,


O holeha tonki ya hae morareng, le pohwana ya tonki morareng o kgethehileng; o hlatswa diaparo tsa hae ka veine, le kobo ya hae ka lero la morara.


le dijo tseo a di jang, le moo matona a hae a dulang teng, le moo basebeletsi ba hae ba emang teng, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae, le dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena, a kgathala matla.


le dijo tseo a di jang, le moo matona a hae a dulang teng, le moo basebeletsi ba hae ba emang teng, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae, le diaparo tsa bona, le dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena, a kgathala matla.


Oho, Morena, ke a o rapela: Ako thee tsebe o mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le thapelo ya bahlanka ba hao, ba tjhesehelang ho hlompha lebitso la hao. Ke a o rapela: Ako atlehise mohlanka wa hao, hona kajeno, mme o etse hore monna enwa a mo hauhele.” Mehleng eo ke ne ke le moqhatsetsi wa kgosi.


Disiu tsa hao di tla sasamatswa ke tjhai, merifi ya hao e kgaphatsehe veine.


“Ha le kena ka Tenteng ya Morena, wena, le bara ba hao, le se ke la nwa veine kapa jwala, esere la shwa. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos