Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 7:7 - BIBELE

7 Ka selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, ba bang ba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, le bona ba nyolohela Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ba bang ba bana ba Iseraele, baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le ba Banethinime, ba nyolohela Jerusalema le yena, e le ka selemo sa bosupa sa ho busa ha Artakserksese.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 7:7
14 Referencias Cruzadas  

Baholo ba Bajuda ba nna ba tswela pele ho haha, mme ba atleha ho ya kamoo bo-moporofeta Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba neng ba ba kgothatsa kateng. Ba haha Tempele, ba ba ba e qeta, ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele, le ho ya ka ditaelo tsa Siruse, le Dariuse, le Aretaseresese, dikgosi tsa Peresiya.


Hape re le tsebisa hore malebana le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, kapa basebeletsi ba bang ba Tempele ya Modimo, molao ha o dumelle hore ba ntshiswe lekgetho, kapa sethabathaba, kapa lekgetho la thepa ya kgwebo.


Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, Esera a fihla Jerusalema.


Tsena ke dipolelo tsa Nehemia, mora wa Hakaleya: Ka kgwedi ya Tshitwe, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ke ne ke le motseng wa kgosi, wa Shushane.


Setjhaba sohle, le baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le basebeletsi ba Tempele, bohle bao ka baka la Molao wa Modimo ba ileng ba ikgetholla ho baahi ba dinaha tseo, le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, e leng bohle ba nang le kutlwisiso,


Bana ke baprista le Balevi ba ileng ba kgutla le Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua: Seraya, le Jeremia, le Esera,


Ka kgwedi ya Mmesa, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya kgosi Aretaseresese, veine e ne e beilwe kapele ho yena. Ka nka veine ena, ka e nea kgosi. Pele ho mona, ke ne ke eso ka ke ema kapele ho kgosi ke hlorile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos