Esdrase 7:6 - BIBELE6 Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)6 E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena. Ver Capítulo |
Ke ne ke hlajwa ke dihlong ho kopa bahlabani le bapalami ba dipere ho kgosi, hore bao ba tle ba re sireletse ho dira tsa rona tseleng, hobane re ne re bua le kgosi, re re: “Letsoho la Modimo wa rona le sireletsa bohle ba mo sebeletsang, empa matla a hae le kgalefo ya hae di hodima bohle ba mo furallang.”
Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao o ne a eme hodima sethala se entsweng ka lehong, se etseditswe morero oo. Ka letsohong le letona la hae, ho ne ho eme Matiteya, le Shema, le Anaya, le Uriya, le Hilekiya, le Maasiya; ka letsohong le hae le letshehadi ho eme Pedaya, le Mishaele, le Malakiya, le Hashume, le Hashebadana, le Sekariya, le Meshulame.
Nehemia, eo e neng e le mmusisi wa naha, le Esera, eo e neng e le moprista e bile e le setsebi sa Molao, le Balevi ba neng ba ruta setjhaba, ba re ho setjhaba sohle: “Letsatsi lena ke le halalelang ho Morena Modimo wa lona; le se ke la hlomoha, kapa la lla.” Ke hobane setjhaba sohle se ne se ntse se lla ha se utlwa se bolelwang ke Molao.
“Ke hobaneng ha ke fihla ke fumaneng ho se na motho? Yare ha ke bitsa ka hloka ya nkarabang? Na tsoho la ka le fokola hoo nke keng ka le lopolla? Na ke hloka matla a ho le namolela? Bonang! ha ke kgalema ke pshesa metsi a lewatle, dinoka tsona ke di fetole lehwatata; tlhapi tse phelang nokeng tseo di nkge, di re phu! di hloke metsi, di be di shwe ke lenyora.