Esdrase 7:1 - BIBELE1 Kamora tsena, mehleng ya puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ho ne ho ena le monna ya bitswang Esera, ya tswetsweng ke Seraya, Seraya ya tswetsweng ke Asariya, Asariya ya tswetsweng ke Hilekiya, Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Kamora tseo, mohla ho busang Artakserksese, morena wa Persia, Esdrase mora Seraia, mora Asaria, mora Hilkia, Ver Capítulo |
Ha ba fihla ho Hilekiya, Moprista e Moholo, ba mo nea tjhelete e neng e tlisitswe Tempeleng ya Morena, eo Balevi ba neng ba lebela monyako ba ileng ba e bokella ho ba morabe wa Manase, le wa Efraime, le ho masalla wohle a Iseraele, le ho bohle ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, le ho baahi ba Jerusalema.
Baholo ba Bajuda ba nna ba tswela pele ho haha, mme ba atleha ho ya kamoo bo-moporofeta Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba neng ba ba kgothatsa kateng. Ba haha Tempele, ba ba ba e qeta, ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele, le ho ya ka ditaelo tsa Siruse, le Dariuse, le Aretaseresese, dikgosi tsa Peresiya.