Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esdrase 4:7 - BIBELE

7 Le mehleng ya Aretaseresese, bo-Bishelame, le Miteredate, le Tabeele, le metswalle yohle ya bona, ba ngolla Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, lengolo le ngotsweng ka ditlhaku tsa Searame, ka puo ya Searame.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hape, mehleng ya Artakserksese, Bishlame, le Mithredathe, le Thabeele, le balekane ba bang ba bona, ba ngolla Artakserksese, morena wa Persia; lengolo le ne le ngodilwe ka dihlaku tsa Searame, hape le ngodilwe ka puo oa Searame.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 4:7
12 Referencias Cruzadas  

Jwale bo-Eliakime, mora wa Hilekiya, le Shebena, le Jowa, ba re ho molaodi wa ntwa: “Re a o kopa: Ako bue Searame le bahlanka ba hao, hobane re a se tseba. O se ke wa bua Seheberu moo batho bana ba lerakong ba ntseng ba utlwa.”


Eitse ha dira tsa ba morabe wa Juda le wa Benjamine di utlwela hore bao e neng e le bathopuwa ba tsosa tempele ya Morena Modimo wa Iseraele,


Yaba kgosi Aretaseresese o romela karabo ena ho bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, le ho metswalle yohle ya bona e ahileng Samaria, le ho bohle ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese: “Kgotso!


Bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, ba ngolla Aretaseresese lengolo le hanyetsang ho tsoswa ha Jerusalema. Le ne le ngotswe ke


bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, le metswalle ya bona, le baahlodi, le maqosa, le baemedi ba dinaha, le bahlanka ba mmuso, le Baereke, le baahi ba Babilona, le baahi ba Susa, e leng Baelame,


Lengolo leo bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, e leng bahlanka ba mmuso ba neng ba le ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ba ileng ba le ngola, ke lena:


Kamora tsena, mehleng ya puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ho ne ho ena le monna ya bitswang Esera, ya tswetsweng ke Seraya, Seraya ya tswetsweng ke Asariya, Asariya ya tswetsweng ke Hilekiya,


Ba neelana ka ditaelo tsa kgosi ho balebedi ba kgosi, le ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Bao ba thusa setjhaba, ba thusa le Tempele ya Morena.


Ka kgwedi ya Mmesa, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya kgosi Aretaseresese, veine e ne e beilwe kapele ho yena. Ka nka veine ena, ka e nea kgosi. Pele ho mona, ke ne ke eso ka ke ema kapele ho kgosi ke hlorile.


Jwale bo-Eleakime le Shebena le Jowa ba re ho molaodi wa ntwa: “Re a o kopa: Ako bue Searame le bahlanka ba hao, hobane re a se tseba. O se ke wa bua Seheberu moo batho bana ba lerakong ba ntseng ba utlwa.”


“Jwale ke tla o bolella nnete. Bona mona, ho sa tla ba teng hape dikgosi tse tharo naheng ya Peresiya. Ya bone e tla rua ho di feta kaofela. Ka baka la matla a yona a tswalwang ke maruo a yona, e tla hlohleletsa tse ding tsohle ho tsohela mmuso wa Bagerike matla.


Bakalatiya ba araba kgosi ka Searame, ba re: “A kgosi e ke e re phelele! Phetela bahlanka ba hao toro ena, mme re tla e hlalosa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos