Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kgweding ya Nisane, ka selemo sa mashome a mabedi sa ho busa ha Artakserksese, eitse ha veine e le pela hae ka nka veine, ka e nea morena. Ke ne ke eso ho ka ke sosobana sefahleho pela hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ka kgwedi ya Mmesa, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya kgosi Aretaseresese, veine e ne e beilwe kapele ho yena. Ka nka veine ena, ka e nea kgosi. Pele ho mona, ke ne ke eso ka ke ema kapele ho kgosi ke hlorile.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 2:1
9 Referencias Cruzadas  

Senwelo sa Faro se ne se le letsohong la ka; yaba ke nka ditholwana, ka di tlhotlella senwelong sa Faro, mme ka neela senwelo seatleng sa Faro.


a busetsa molaodi wa baqhatsetsi ho qhatsetseng ha hae, hore a nne a nee Faro senwelo letsohong;


Hape, mehleng ya Artakserksese, Bishlame, le Mithredathe, le Thabeele, le balekane ba bang ba bona, ba ngolla Artakserksese, morena wa Persia; lengolo le ne le ngodilwe ka dihlaku tsa Searame, hape le ngodilwe ka puo oa Searame.


Kamora tseo, mohla ho busang Artakserksese, morena wa Persia, Esdrase mora Seraia, mora Asaria, mora Hilkia,


Ba bang ba bana ba Iseraele, baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le ba Banethinime, ba nyolohela Jerusalema le yena, e le ka selemo sa bosupa sa ho busa ha Artakserksese.


Mantswe a Nehemia, mora Hakalia, ke wona ana: Kgweding ya Kislefe, selemong sa mashome a mabedi, ka re ke sa ntsane ke le Susane, motse wa moreneng,


Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.


Ha ho le jwalo, ka kgwedi ya ho qala, e leng kgwedi ya Nisane, selemong sa leshome le metso e mmedi sa morena Assueruse, ha laolwa Pure, ke ho re, lotho, pela Hamane, bakeng sa letsatsi le leng le le leng le sa kgwedi e nngwe le e nngwe, ho isa kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare.


Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos