Nehemia 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)11 Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena. Ver CapítuloBIBELE11 Oho, Morena, ke a o rapela: Ako thee tsebe o mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le thapelo ya bahlanka ba hao, ba tjhesehelang ho hlompha lebitso la hao. Ke a o rapela: Ako atlehise mohlanka wa hao, hona kajeno, mme o etse hore monna enwa a mo hauhele.” Mehleng eo ke ne ke le moqhatsetsi wa kgosi. Ver Capítulo |
Oho hle, tsebe ya hao a e ke e sekehwe, mme mahlo a hao a ke a tutubolohe, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao eo ke ntseng ke e nyolosetsa ho wena mehleng ya jwale, motshehare le bosiu ke rapella ka yona bahlanka ba hao, bana ba Iseraele, ke ntse ke bolela dibe tsa bana ba Iseraele, tseo re o sitetsweng ka tsona. Hobane nna le ntlo ya ntate, re sitilwe.
Hape, nke ke newe lengolo le yang ho Asafe, mohlahlobi wa moru wa morena, hore a tle a nnee difate tsa ho etsa mamati a menyako ya qhobosheane eo e leng ya ntlo ya Jehova, le a marako a motse, le a ntlo eo ke tla dula ho yona. Morena a mpha mangolo ao, kamoo letsoho le molemo la Modimo wa ka le neng le ntse le le ho nna kateng.