Esthere 3:7 - BIBELE7 Ka kgwedi ya pele, e leng kgwedi ya Mmesa, selemong sa leshome le metso e mmedi sa puso ya Ahashuerushe, ha etswa Pure, e leng lotho, moo Hamane a ntseng a le teng. Hona ha nna ha etswa ka tsatsi le leng le le leng la kgwedi e nngwe le e nngwe, ho ya fihla kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 Ha ho le jwalo, ka kgwedi ya ho qala, e leng kgwedi ya Nisane, selemong sa leshome le metso e mmedi sa morena Assueruse, ha laolwa Pure, ke ho re, lotho, pela Hamane, bakeng sa letsatsi le leng le le leng le sa kgwedi e nngwe le e nngwe, ho isa kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare. Ver Capítulo |
Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, taelo le molao wa kgosi o ne o lokela ho phethahatswa. Ka letsatsi lena, dira tsa Bajuda di ne di tshepile hore di tla ba hlola, empa ditaba tsa fetoha, ya eba Bajuda ba hlolang dira tsa bona.