Le hoja Morena a ile a ba a romela baporofeta ho kgutlisetsa setjhaba ho yena, ha se a ka sa mamela.
Nehemia 13:15 - BIBELE Mehleng yona eo, ka bona batho ba bang naheng ya Juda, ba tlhotlang veine ka Sabatha, ba bang ba tlisa mangata a koro, ba a belesitse hodima ditonki, le veine, le morara, le feiye, le thepa ya mefutafuta, eo ba neng ba e tlisa Jerusalema ka Sabatha. Ka ba kgalemela hore ba se ke ba rekisa dijo ka tsatsi leo. Sesotho 1909/1961 (SO) Mehleng eo, ka bona batho ba hatang dihatelong ka Sabatha naheng ya Juda, le ba thothelang mangata hae, ba a belesitse diesele; le veine, le merara, le difeiye, le mesebetsi e meng ya mefuta, ba di tlisa Jersalema ka tsatsi la Sabatha; mme ka ba kgalemela ka letsatsi leo ba rekisang dijo ka lona. |
Le hoja Morena a ile a ba a romela baporofeta ho kgutlisetsa setjhaba ho yena, ha se a ka sa mamela.
“Haeba baditjhaba ba ka tlisa dintho tseo ba di rekisang, kapa dijo, ka tsatsi la Sabatha, kapa ka letsatsi lefe le lefe le halalelang, re ke ke ra di reka, mme ka selemo sa bosupa masimo a rona a tla lala, re leballane melato ka selemo seo.
“Re iketsetsa melao, eo ka yona re itlamang hore ka selemo le selemo re tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano, bakeng sa mosebetsi wa Tempele ya Modimo wa rona,
Banna ba Tire, ba neng ba ahile moo, ba ne ba tlisa dithlapi le thepa ya mefutafuta Jerusalema, ba e rekisetsa ba morabe wa Juda ka Sabatha.
Ka ba kgalemela, ka re: “Le roballang kantle ho lerako? Ha le ka la boela la etsa jwalo, ke tla le isa letsoho.” Ho tloha tsatsing leo, ha ba a ka ba hlola ba etla ka Sabatha.
Wa ba kgalemela hore ba kgutlele Molaong wa hao, empa ba ikakasa, ba se ke ba mamela Molao wa hao. Ba tlola taelo tsa hao, taelo tse phedisang ba di phethang, ba o fetohela, ba ba manganga, ba ba ba se ke ba o mamela.
“Mamelang, lona setjhaba sa ka, mme ke tla bua; wena Iseraele, ke tla o qosa. Ke nna Modimo, Modimo wa hao.
Bana ba Iseraele, ba meloko yohle ba tla boloka letsatsi la Sabatha, ba hlokomele letsatsi la Sabatha, e le selekane sa mehla yohle.
“O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa o phomole; o phomole ha ho lengwa le ha ho kotulwa.
‘Le ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa le tla halalela ho lona; ke Sabatha, letsatsi la phomolo ya Morena; mang kapa mang ya tla sebetsa ka letsatsi leo o tla bolawa.
“Haeba o sa nke maeto ka tsatsi la Sabatha, o sa phethe merero ya hao ka tsatsi la ka le halalelang; haeba o bitsa Sabatha letsatsi la thabo, o re ke la Morena le halalelang, le hlomphehang; haeba o le hlompha ka ho se etse mesebetsi ya hao, o sa phethe merero ya hao, o sa bue mafeela;
Empa haeba lona le ka mmamela ka hloko,’ ho rialo Morena, ‘la se ke la kenya thoto ka dikgoro tsa motse ona ka letsatsi la Sabatha, la halaletsa letsatsi la Sabatha ka ho se etse mosebetsi ofe kapa ofe ka lona,
Empa haeba le sa mmamele, le sa halaletse letsatsi la Sabatha, le kena ka dikgoro tsa motse wa Jerusalema le nkile thoto ka letsatsi la Sabatha, dikgorong tseo tsa Jerusalema ke tla besa mollo o ke keng wa tingwa, o tla tjhesa matlo a dikgosi tsa Jerusalema.’ ”
“Malebana le lona Morena o itse: ‘Lona masalla a Juda le se ke la ya Egepeta.’ Tsebang hore ka letsatsi lena ke le kgalemetse,
“ ‘Empa setjhaba sa Iseraele se ile sa mphetohela ha se le lehwatateng. Ha se a ka sa boloka ditaelo tsa ka, se ile sa nyedisa melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Baiseraele ba ile ba silafatsa Disabatha tsa ka hampe. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ke ba timeletse hona moo lehwatateng.
Le ntse le re: “Kgwedi e ntjha e tla ya neneng fifing, re tswe re rekisa mabele a rona? Tsatsi la Sabatha le tla feta neneng, re tswe re bapatsa ka koro ya rona? Re ntse re fokotsa tekanyo re nyolla theko, re qhekella bareki ka dikala tsa rona tse sa nepahalang?
A paka le ka mantswe a mang a mangata, a ba kgothatsa, a re: “Ipholoseng molokong ona o kgopo!”
ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.
Ke paka hape hore mang le mang ya bollang o tlamehile ho phetha Molao wa Moshe kaofela.
Ka lebitso la Morena ke le bolella sena, mme ke a se tiisa, ke re: Le se hlole le phela jwaloka bahedene, ba tsamaiswang ke maikutlo a bona a lefeela.
“Haeba le ka lebala Morena Modimo wa lona, la latela medimo e meng, la e sebeletsa, la e kgumamela, kajeno ke a le tiisetsa hore ruri le tla timela.
Tabeng ena, ho se be ya senyetsang ngwanabo, mme a mo jella ditokelo tsa hae, hobane jwalokaha re se re boletse pele, ra ba ra tiisa, Morena ke yena ya ahlolang tsohle tse jwalo.