Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mehleng eo, ka bona batho ba hatang dihatelong ka Sabatha naheng ya Juda, le ba thothelang mangata hae, ba a belesitse diesele; le veine, le merara, le difeiye, le mesebetsi e meng ya mefuta, ba di tlisa Jersalema ka tsatsi la Sabatha; mme ka ba kgalemela ka letsatsi leo ba rekisang dijo ka lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Mehleng yona eo, ka bona batho ba bang naheng ya Juda, ba tlhotlang veine ka Sabatha, ba bang ba tlisa mangata a koro, ba a belesitse hodima ditonki, le veine, le morara, le feiye, le thepa ya mefutafuta, eo ba neng ba e tlisa Jerusalema ka Sabatha. Ka ba kgalemela hore ba se ke ba rekisa dijo ka tsatsi leo.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:15
31 Referencias Cruzadas  

Jehova a romela ho bona, ho ba sokollela ho yena, baporofeta ba ba pakelang tsa Jehova, ba mpa ba se ke ba ba mamela.


Hape ra re, leha baditjhaba ba lefatshe leo ba ka tlisa mesebetsi le dikoro tsa mefuta yohle ka tsatsi la Sabatha, ho rekisa ka tsona, ha re ka ke ra reka ho bona ka tsatsi la Sabatha, leha e le ka matsatsi a mang a kgethehileng; mme re tla nne re etse teselo ka selemo sa bosupa, ka ho lesella e mong le e mong molato wa hae.


Hape, ra ipeela melao, ra itlama hore re tla nne re ntshetse tshebeletso ya ntlo ya Modimo wa rona karolo ya boraro ya shekele ka selemo se seng le se seng;


Le Batire, ba ahileng Jerusalema, ba ne ba tlisa dihlapi le mesebetsi e meng ya mefuta, ba rekisa ka yona ka Sabatha ho bana ba Juda le Jerusalema.


Ka ba kgalemela, ka re ho bona: Le hlollang bosiu pela lerako? Ha le boela le pheta, ke tla le tshwara. Haesale mohlang oo, ha ba ka ba hlola ba etla ka Sabatha.


O pakile hara bona, hore o boele o ba sokollele molaong wa hao; ba mpa ba ikakasitse, ba hanne ho utlwa melao ya hao, ba sitetswe ditaelo tsa hao, tseo motho a tla phela ke tsona ha a etsa ka tsona, ba hlahisitse lehetla le hanang joko, ba sataladitse melala ya bona, ba se ke ba mamela letho.


Na o tla e tshepa hore e tlise mabele a hao hae, le ho a thotha seotlong sa hao na?


Mamela, setjhaba sa ka, mme ke tla bua; le wena Iseraele, mme ke tla o pakela, nna ke leng Modimo, Modimo wa hao.


Hape, Jehova a bolella Moshe a re:


Bana ba Iseraele ba tla boloka la Sabatha, hore ba boloke Sabatha melokong ya bona, e be selekane sa kamehla.


O tla sebetsa matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka letsatsi la bosupa; o phomole jwalo ha ho lengwa, leha ho kotulwa.


Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, mme letsatsi la bosupa ho lona e tla ba Sabatha ya phomolo e kgethetsweng Jehova; mang le mang ya ka etsang mosebetsi tsatsing leo, o tla bolawa.


Ba sa reng letho ka molao ba rorisa ba babe; empa ba o bolokang ba ba lwantsha.


Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;


Ekare ha le nkutlwa, ho bolela Jehova, le sa tsamaise phahlo ka menyako ya motse ona ka tsatsi la Sabatha, le sa etse mosebetsi leha o le mong ka lona,


Empa ha le hana ho nkutlwa, ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha, le ho se jare diphahlo, le ho se di kenye ka menyako ya Jerusalema ka tsatsi la Sabatha, ke tla besa mollo menyakong ya motse, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema, mme ha o ka ke wa tingwa.


Jehova o hlile o le boleletse, lona masala a Juda, o itse: Se yeng Egepeta, le nne le itsebele hobane kajeno ke fela ke le hanela ho ya teng.


Ba ntlo ya Iseraele ba mpa ba ikgantshetsa nna ba le nahathothe; ha ba ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka, ba nna ba lahla melao ya ka eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona; ba silafatsa disabbatha tsa ka hampe, ka ba ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka nahathothe, hore ke ba timeletse.


Tsatsi la kgwedi e thwasang le tla feta neng, re tle re rekise ka koro? Le Sabatha e tla feta neng, re tle re bule menyako ya mediko ya koro, re tswe re fokotsa tekanyo, re hodisa theko, re fosisa dikala ka ho thetsa?


Setjhaba sa ka, ke entseng ho wena? Ke o tubile kang? Nkarabele hle!


A tiisa ka ditaba tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re: Ipolokeng mofuteng ona o kgopo.


ke ntse ke kgothaletsa Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo, le ho dumela ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Mme ke boela ke omela ho motho e mong le e mong ya ka bollang, hore o tshwanetse ho etsa ka molao kaofela ha wona.


Jwale, seo ke se bolelang, seo ke se tiisang Moreneng, ke re: Le se hlole le phela jwaloka baditjhaba ba bang, ba yang ka bosawana ba dikelello tsa bona;


Empa ekare ha o leballa ruri Jehova, Modimo wa hao, o latela medimo esele, o e sebeletsa, o e kgumamela, kajeno ke a le pakela, ke re, le tla timella ruri.


Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos