Nehemia 13:15 - BIBELE15 Mehleng yona eo, ka bona batho ba bang naheng ya Juda, ba tlhotlang veine ka Sabatha, ba bang ba tlisa mangata a koro, ba a belesitse hodima ditonki, le veine, le morara, le feiye, le thepa ya mefutafuta, eo ba neng ba e tlisa Jerusalema ka Sabatha. Ka ba kgalemela hore ba se ke ba rekisa dijo ka tsatsi leo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)15 Mehleng eo, ka bona batho ba hatang dihatelong ka Sabatha naheng ya Juda, le ba thothelang mangata hae, ba a belesitse diesele; le veine, le merara, le difeiye, le mesebetsi e meng ya mefuta, ba di tlisa Jersalema ka tsatsi la Sabatha; mme ka ba kgalemela ka letsatsi leo ba rekisang dijo ka lona. Ver Capítulo |
“ ‘Empa setjhaba sa Iseraele se ile sa mphetohela ha se le lehwatateng. Ha se a ka sa boloka ditaelo tsa ka, se ile sa nyedisa melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Baiseraele ba ile ba silafatsa Disabatha tsa ka hampe. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ke ba timeletse hona moo lehwatateng.