Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:16 - BIBELE

16 Banna ba Tire, ba neng ba ahile moo, ba ne ba tlisa dithlapi le thepa ya mefutafuta Jerusalema, ba e rekisetsa ba morabe wa Juda ka Sabatha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Le Batire, ba ahileng Jerusalema, ba ne ba tlisa dihlapi le mesebetsi e meng ya mefuta, ba rekisa ka yona ka Sabatha ho bana ba Juda le Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:16
5 Referencias Cruzadas  

Mehleng yona eo, ka bona batho ba bang naheng ya Juda, ba tlhotlang veine ka Sabatha, ba bang ba tlisa mangata a koro, ba a belesitse hodima ditonki, le veine, le morara, le feiye, le thepa ya mefutafuta, eo ba neng ba e tlisa Jerusalema ka Sabatha. Ka ba kgalemela hore ba se ke ba rekisa dijo ka tsatsi leo.


Ka kgalemela mahosana a Juda, ka re ho wona: “Ke bokgopo ba eng boo, boo le bo etsang, mme le hlompholla letsatsi la Sabatha?


empa letsatsi la bosupa ke Sabatha sa Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa diphoofolo tsa hao, kapa mojaki ya ha hao.


“O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, o phomole ka letsatsi la bosupa; e le hore pholo ya hao, le tonki ya hao, di tle di phomole; le mora wa lekgabunyane la hao, le mojaki ba ke ba re kgefu!


empa letsatsi la bosupa ke la phomolo ya Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa pholo ya hao, kapa tonki ya hao, kapa diphoofolo tsa hao tsohle, kapa majaki ya ha hao, e le hore wena, le mohlanka wa hao, le lekgabunyane la hao, lona le tle le phomole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos