Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:17 - BIBELE

17 Ka kgalemela mahosana a Juda, ka re ho wona: “Ke bokgopo ba eng boo, boo le bo etsang, mme le hlompholla letsatsi la Sabatha?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ka kgalemela baholo ba Juda, ka re ho bona: Bobe bona boo le bo etsang bo reng, ha le hlompholla letsatsi la Sabatha?

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:17
14 Referencias Cruzadas  

Jwale ka omanya babusi, ka re ho bona: “Ke ka lebaka lang le furaletseng Tempele ya Modimo?” Yaba ke a ba bokella, mme ka kgutlisetsa e mong le e mong ditulong tsa hae.


Banna ba Tire, ba neng ba ahile moo, ba ne ba tlisa dithlapi le thepa ya mefutafuta Jerusalema, ba e rekisetsa ba morabe wa Juda ka Sabatha.


Ka ba kgalemela, ka ba nea thohako, ka ba ka otla ba bang ba bona, ka ba hlotha moriri. Ka re ba hlapanye ka lebitso la Modimo, ba re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba.


Ka imamella dintho tsena, mme ka kgalemela mahosana le babusi, ka re ho bona: “Le lefisa bana babo lona tswala!” Yaba ke ba etsetsa pitso e kgolo.


Ba tlolang molao ba thoholetsa ba kgopo, empa ba o bolokang ba hanyetsana le ba kgopo.


Lona baahi ba Sodoma, mamelang polelo tsa Morena! Lona tjhaba sa Gomora, mamelang molao wa Modimo wa rona!


Ere ho kgosi le ho mofumahadi, mmakgosi: “Theohang diteroneng le ikokobetse, hoba le rodisitswe mefapahlooho ya tlotla.”


Ke tla ya ho ba baholo, ke buisane le bona; tsela ya Morena bona ba a e tseba, ba tseba le taelo tsa Modimo wa bona.” Empa kaofela ha bona joko ba e robile, marapo le wona ba a kgaotse.


“ ‘Empa setjhaba sa Iseraele se ile sa mphetohela ha se le lehwatateng. Ha se a ka sa boloka ditaelo tsa ka, se ile sa nyedisa melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Baiseraele ba ile ba silafatsa Disabatha tsa ka hampe. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ke ba timeletse hona moo lehwatateng.


“ ‘O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae.


Yaba ke re: “Lona baetapele ba Jakobo, mamelang! Lona babusi ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Na toka ha le a tshwanela ho e tseba?


Lona baetapele ba ntlo ya Jakobo, mamelang! Lona babusi ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Tsohle tse lokileng le a di nyedisa, tsohle tse nepahetseng le di sokamise.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos