Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:18 - BIBELE

18 Bontata lona ba ne ba etse tjena, mme Modimo wa rona a re otla, a ba a otla le motse ona. Jwale, ka ho hlompholla Sabatha, le etsa hore Modimo a halefele Baiseraele le ho feta.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hleka haele mona Modimo wa rona o re hlahiseditse, rona le motse ona, dikotsi tseo tsohle, na hase kahobane bontata lona ba ile ba etsa tse jwalo na? Athe le lona le ya ekeletsa Baiseraele bohale ka ho hlompholla Sabatha!

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:18
16 Referencias Cruzadas  

“Re iketsetsa melao, eo ka yona re itlamang hore ka selemo le selemo re tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano, bakeng sa mosebetsi wa Tempele ya Modimo wa rona,


Morena a boela a re ho Moshe:


Empa haeba le sa mmamele, le sa halaletse letsatsi la Sabatha, le kena ka dikgoro tsa motse wa Jerusalema le nkile thoto ka letsatsi la Sabatha, dikgorong tseo tsa Jerusalema ke tla besa mollo o ke keng wa tingwa, o tla tjhesa matlo a dikgosi tsa Jerusalema.’ ”


Eitse ha Morena a se a sitwa ho mamella diketso tsa lona tse kgopo le manyala ao le a entseng, yaba naha ya lona e fetoha nanaola le sesomo, ya rohakeha, ya hloka baahi jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Kahobane le ile la tjhesa mokubetso, la sitelwa Morena, la se ka le mamela lentswe la hae, la se ke la ya ka molao wa hae, kapa ka ditaelo tsa hae, kapa ka dikeletso tsa hae, le wetswe ke koduwa ena hodimo, jwalokaha le bona.”


Na le se le lebetse bokgopo ba bo-ntata lona, le bokgopo ba dikgosi tsa Juda, le bokgopo ba basadi ba bona, le bokgopo ba lona le bokgopo ba basadi ba lona, boo ba bo entseng naheng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema?


Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba nke le mabenyane a hao.


Ha a a ka a tlohela bootswa boo a bo qadileng Egepeta, ha banna ba ne ba robala le yena a sa le motjha, ba tsikinyetsa ditlhoko tsa matswele a hae, ba tshollela ditakatso tsa bona hodima hae.


“ ‘Haeba, le ka lebaka la dintho tsena, le ntse le sa mmamele, ke tla le otlela dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.


ke tla le lwantsha ke le halefetse, ke le otlele dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.


Le ntse le re: “Kgwedi e ntjha e tla ya neneng fifing, re tswe re rekisa mabele a rona? Tsatsi la Sabatha le tla feta neneng, re tswe re bapatsa ka koro ya rona? Re ntse re fokotsa tekanyo re nyolla theko, re qhekella bareki ka dikala tsa rona tse sa nepahalang?


Bonang, le tshwana le bo-ntata lona, le bana ba baetsadibe, le ntse le eketsa kgalefo e tshabehang ya Morena hore e tlokele Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos