Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 17:24 - BIBELE

24 Empa haeba lona le ka mmamela ka hloko,’ ho rialo Morena, ‘la se ke la kenya thoto ka dikgoro tsa motse ona ka letsatsi la Sabatha, la halaletsa letsatsi la Sabatha ka ho se etse mosebetsi ofe kapa ofe ka lona,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ekare ha le nkutlwa, ho bolela Jehova, le sa tsamaise phahlo ka menyako ya motse ona ka tsatsi la Sabatha, le sa etse mosebetsi leha o le mong ka lona,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 17:24
11 Referencias Cruzadas  

mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.”


“Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse.


Ha se bona bapalami ba dipere ka bobedi, se bona bapalami ba ditonki le ba dikamele, se ke se be sedi, se be sedi haholo.”


Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate.


Halaletsang Disabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.”


“Batho ba tla tloha hole, ba tlo thusa ho haha Tempele ya Morena. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona. Tsena tsohle di tla phethahala ha le ka mamela lentswe la Morena Modimo wa lona.”


“Ha le mamela ka hloko melao ya ka, eo ke le laelang yona kajeno, le rata Morena Modimo wa lona, le mo sebeletsa ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle;


“Ha le ka la boloka ka hloko melao ena yohle, eo ke le laelang yona, la e phetha, la rata Morena Modimo wa lona, la tsamaya ditseleng tsohle tsa hae, mme la mo kgomarela;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios