Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 10:31 - BIBELE

31 “Haeba baditjhaba ba ka tlisa dintho tseo ba di rekisang, kapa dijo, ka tsatsi la Sabatha, kapa ka letsatsi lefe le lefe le halalelang, re ke ke ra di reka, mme ka selemo sa bosupa masimo a rona a tla lala, re leballane melato ka selemo seo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Hape ra re, leha baditjhaba ba lefatshe leo ba ka tlisa mesebetsi le dikoro tsa mefuta yohle ka tsatsi la Sabatha, ho rekisa ka tsona, ha re ka ke ra reka ho bona ka tsatsi la Sabatha, leha e le ka matsatsi a mang a kgethehileng; mme re tla nne re etse teselo ka selemo sa bosupa, ka ho lesella e mong le e mong molato wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 10:31
24 Referencias Cruzadas  

E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.”


Mehleng yona eo, ka bona Bajuda ba nyetseng basadi ba Ashedode, le ba Baamone, le ba Bamoabe.


Jwale le re re le dumelle le etse bokgopo bo bokaalekaale, le sitelwe Modimo wa rona, ka ho nyala basadi ba baditjhaba?”


Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang, le ka letsatsi la bosupa e tla ba teng; ho se be mosebetsi oo le tla o etsa ka matsatsi ao, haese feela ho lokisa ho ka jewang; hoo ke hona feela hoo le ka ho etsang.


empa letsatsi la bosupa ke Sabatha sa Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa diphoofolo tsa hao, kapa mojaki ya ha hao.


O se ke wa nyadisa bara ba hao baradi ba bona, esere ba ba kgelosa, mme ba hloka botshepehi ho nna, ba rapela medimo ya bohata ya baahi ba moo.


“Mokgwa wa ho itima dijo oo ke o kgethileng ke ona: Ke hore o lokolle mahlaahlela a bokgopo, o imolle ba imetsweng ke mejaro ya bona, ba hateletsweng o ba lokolle, mesebetsi yohle ya botlatlapi o e fedise.


“Ona ke molao wa mehla yohle ho lona: Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, le tla itima dijo, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, e ka ba motho wa letswallwa, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona.


Ka lona letsatsi leo o tla phatlalatsa hore ho tla ba le phutheho e halalelang ya lona, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.


“ ‘Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona.’ ”


o re tshwarele ditshito tsa rona, jwalokaha le rona re tshwarela ba re sitetsweng;


Jwale ho se be ya ka le ahlolelang tseo le di jang, kapa tseo le di nwang, kapa ho boloka matsatsi a mekete, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Disabatha.


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos