fatsheng le lefifi la bo-nka-ntjana, moo e leng lapeng habo morusu, moo sedi la teng e leng lefifi!’ ”
Mattheu 4:16 - BIBELE setjhaba se neng se dutse lefifing se bone lesedi le leholo, mme ba neng ba dutse lefatsheng la lefu le lefifing ba tjhabetswe ke lesedi.” Sesotho 1909/1961 (SO) setjhaba se neng se dutse lefifing, se bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng ya lefu le moriting wa lona. Baasraak Sotho NT Batho ba neng ba dutse lefifing ba bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng le moriting wa lefu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Batho ba neng ba dutse lefifing ba bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng le moriting wa lefu. |
fatsheng le lefifi la bo-nka-ntjana, moo e leng lapeng habo morusu, moo sedi la teng e leng lefifi!’ ”
Le metswe ke fifi la bo-nka-ntjana, leru le aparele tsatsi leo, fifi le fifatse sedi la lona.
Ha ho sa tla ba le lefifi ho ba neng ba le maswabing. Naha ya ba morabe wa Sebulone le ya ba morabe wa Nafthali e ile ya kokobetswa, empa ka nako e tlang, Morena o tla tlotla Galelea ya baditjhaba, e leng karolo e pela lewatle, e ikgohlileng ka Jorodane.
Setjhaba se neng se phela lefifing, se bone lesedi le leholo; se neng se phela lefifing le letsholetsho, jwale se tjhabetswe ke lesedi.
Tlotlisang Morena, Morena Modimo wa lona, mo tlotliseng a eso tlise lefifi, maoto a lona a eso kgothometsehe, a kgothometseha hodima thaba tse lefifi. Lona le lebeletse lesedi, Morena o tla le fetola fifi le letsholetsho, a le fetole fifi la bo-nka-ntjana!
Ya entseng Selemela le Makolobe, a fetola lefifi a le etsa meso, a fifatsa motsheare a o etsa bosiu, a bitsa metsi a lewatle a a nesa hodima lefatshe, lebitso la hae ke Morena.
Wena sera sa ka, o se ke wa nyakalla ka nna! Leha nka wa ke tla boela ke tsohe; leha nka dula lefifing Morena o tla mponesetsa.