Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 4:15 - BIBELE

15 “Lefatshe la Sebulone le lefatshe la Nafthali, nqa lewatle, mose ho Jorodane, Galelea ya baditjhaba,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Lefatshe la Sabulone le lefatshe la Nefthali, tseleng ya lewatle, mose wa Jordane, Galelea wa ditjhaba,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Lefatshe la Sabulone, le lefatshe la Nefthalime, le pela lewatle, mose wane wa Jordane, Galilea wa Baditjhaba;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Lefatshe la Sabulone, le lefatshe la Nefthalime, le pela lewatle, mose wane wa Jordane, Galilea wa Baditjhaba;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 4:15
9 Referencias Cruzadas  

kgosi Solomone a nea Hirame, kgosi ya Tire, metse e mashome a mabedi naheng ya Galelea; hobane Hirame ke yena ya neng a thuse Solomone ka difate tsa dikedare, le ka difate tsa modutu, le ka kgauta, ho ya kamoo Solomone a neng a lakatsa kateng.


Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.


Ha ho sa tla ba le lefifi ho ba neng ba le maswabing. Naha ya ba morabe wa Sebulone le ya ba morabe wa Nafthali e ile ya kokobetswa, empa ka nako e tlang, Morena o tla tlotla Galelea ya baditjhaba, e leng karolo e pela lewatle, e ikgohlileng ka Jorodane.


A tloha Nasaretha, a tla aha Kapernauma e lebopong la letsha, tikolohong ya Sebulone le Nafthali,


e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re:


A ba a latelwa ke matshwelehadi a tswang Galelea, Dekapolese, Jerusalema, Judea le mose ho Jorodane.


A qala ka Moshe le ka Baporofeta bohle, a ba qaqisetsa tse amanang le yena, tse Mangolong wohle.


Jwale Galelea, naheng e maralla ya Nafthali ba kgetha Kedeshe; naheng e maralla ya Efraime ba kgetha Shekeme, mme naheng e maralla ya Juda ba kgetha Motse wa Areba, e leng Heborone.


Naheng ya morabe wa Nafthali ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Kedeshe e Galelea, le makgulo a yona, le Hamote-Dore le makgulo a yona, le Karatane le makgulo a yona. Ya eba metse e meraro.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos