Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 3:5 - BIBELE

5 Le metswe ke fifi la bo-nka-ntjana, leru le aparele tsatsi leo, fifi le fifatse sedi la lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A le patwe ke botsho le ke moriti wa lefu, leru le ke le le kwahele, mme le ke le tshabiswe ke se fifatsang letsatsi.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 3:5
25 Referencias Cruzadas  

mahlo a ka a fubetse ke menyepetsi, botsho bo entse sedika-mahlwana ntshing tsa ka;


Ho wona wohle fifi le tshwana le motsheare, matshabeho a lefifi ho mashodu ke metswalle.


Motho o kenella hare mpeng ya lefatshe, a yo fihla kgotjheletsaneng tse hole, a etse merafo hara lefifi le letsholetsho.


Tsatsi leo le ke le fetohe lefifi, Modimo ya hodimo a le lebale, sedi le se hlole le le tjhabela hape.


Bosiu boo bona bo fifalle ruri, bo se balellwe le matsatsi a selemo, bo se ballelwe le matsatsi a dikgwedi.


Ha ho na lefifi le letsholetsho, moo baetsadibe ba ka tsebang ho ipata.


Na menyako ya ntlo ya lefu o kila e bona? Kapa wa bona menyako ya Nqalo ya Bafu?


Ba bang ba ne ba phela lefifing le letsholetsho, ba tlamilwe ke ditlhopheho le ke wona mahlaahlela,


A ba ntsha lefifing, le bodutung, a kgaola ditlamo tsa bona.


Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi, nke ke ka tshaba bobe, hobane o na le nna, lere la hao le molamu wa hao di a nkgothatsa.


Pelong tsa rona ha re a o kwenehela, maoto a rona ha a a fapoha tsela ya hao;


Setjhaba se neng se phela lefifing, se bone lesedi le leholo; se neng se phela lefifing le letsholetsho, jwale se tjhabetswe ke lesedi.


Tlotlisang Morena, Morena Modimo wa lona, mo tlotliseng a eso tlise lefifi, maoto a lona a eso kgothometsehe, a kgothometseha hodima thaba tse lefifi. Lona le lebeletse lesedi, Morena o tla le fetola fifi le letsholetsho, a le fetole fifi la bo-nka-ntjana!


Ke hobaneng ba sa kang ba botsa, ba re: ‘O kae Morena ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, yena ya ila re fetisa hara lehwatata, naheng ya mahlabathe le ya madumela; naha e sekaka, e leng naha ya matshabeho, eo ho seng ya kila tsamaya ho yona, eo motho a eso phele ho yona?’


Kahoo lefatshe le tla ba le bofifi, mahodimo a hodimo le wona a fifale, hobane ke boletse, ke se ke rerile, nke ke ka fetoha kapa ka tjhetjha.”


Tsatsi leo le se le atametse, tsatsi la Morena le se le atametse! E tla ba tsatsi la ho phethesela ha maru, e be tsatsi la ho ahlola baditjhaba.


Jwalokaha modisa a batla dinku tsa hae ha a fumana di qhalane, le nna ke tla batla dinku tsa ka jwalo. Ke tla di phutha hohle moo di qhalanetseng teng mohla maru a kwahetseng, ho le lefifi.


Ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana, tsatsi le phetheselang maru, maru a matshomatsho! Lebotho le leholo, le matla, le a tla, le tla hlaha sa mafube dithabeng; le kaalo ka lona ha le eso ka le bonwa, e bile le kaalo ha le sa tla bonwa.


Ya entseng Selemela le Makolobe, a fetola lefifi a le etsa meso, a fifatsa motsheare a o etsa bosiu, a bitsa metsi a lewatle a a nesa hodima lefatshe, lebitso la hae ke Morena.


Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola.


setjhaba se neng se dutse lefifing se bone lesedi le leholo, mme ba neng ba dutse lefatsheng la lefu le lefifing ba tjhabetswe ke lesedi.”


ho bonesetsa ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, le ho re tsamaisa tseleng ya kgotso.”


“La na la atamela, la ema mosikong wa thaba, mme thaba ya etjha ke mollo, lelakabe la ya fihla hodimodimo; thaba ya aparelwa ke maru a matsho, le lefifi la bonkantjana.


Lona ha le a tla thabeng e ka angwang ka matsoho, e tukang malakabe, e lefifi, e ntsho, e hara sefefo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos