Isaia 9:1 - BIBELE1 Ha ho sa tla ba le lefifi ho ba neng ba le maswabing. Naha ya ba morabe wa Sebulone le ya ba morabe wa Nafthali e ile ya kokobetswa, empa ka nako e tlang, Morena o tla tlotla Galelea ya baditjhaba, e leng karolo e pela lewatle, e ikgohlileng ka Jorodane. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Empa lefifi le ke ke la nna la eba teng lefatsheng le leng tsietsing jwale; erekaha mehleng ya pele a swabisitse lefatshe la Sabulone le la Nefthali, mehleng ya qetello o tla tumisa naha e sikang le lewatle, le e mose wane wa Jordane, e leng Galelea wa baditjhaba. Ver Capítulo |
Ka baka leo, Modimo wa Iseraele a hlohleletsa Pule, kgosi ya Asiria, e leng Tigelate-Pilesere, hore a thope ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase, a ba ise Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, moo ba ntseng ba ahile teng le kajeno-ya-bokajeno.