Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 10:22 - BIBELE

22 fatsheng le lefifi la bo-nka-ntjana, moo e leng lapeng habo morusu, moo sedi la teng e leng lefifi!’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 e leng naha e ntsho jwaloka bosiu, ya moriti wa lefu le moferefere, moo lesedi le tshwanang le lefifi.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 10:22
15 Referencias Cruzadas  

ke eso ikele kwana bo-ya-batho, fatsheng le lefifi, le meriti e metsho;


Jwale Sofara wa Monaama a araba, a re:


Haeba hae la ka ke Nqalo ya Bafu, eba phate tsa ka ke di ala lefifing;


Jwale nkabe ke rapame, ke kgutsitse, ke ithobaletse, ke phomotse ka kgotso,


Le metswe ke fifi la bo-nka-ntjana, leru le aparele tsatsi leo, fifi le fifatse sedi la lona.


Ha ho na lefifi le letsholetsho, moo baetsadibe ba ka tsebang ho ipata.


Na menyako ya ntlo ya lefu o kila e bona? Kapa wa bona menyako ya Nqalo ya Bafu?


Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi, nke ke ka tshaba bobe, hobane o na le nna, lere la hao le molamu wa hao di a nkgothatsa.


Pelong tsa rona ha re a o kwenehela, maoto a rona ha a a fapoha tsela ya hao;


Na mohau wa hao o tla bolelwa, o bolelwe ke ba ka mabitleng, botshepehi ba hao bo tla bolelwa, bo bolelwe ke ba leng timelong?


Na dimakatso tsa hao di tla tsejwa, di tsejwe ke ba leng lefifing, le ho loka ha hao ho tsejwe, ho tsejwe fatsheng la ba lebetsweng?


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Tlotlisang Morena, Morena Modimo wa lona, mo tlotliseng a eso tlise lefifi, maoto a lona a eso kgothometsehe, a kgothometseha hodima thaba tse lefifi. Lona le lebeletse lesedi, Morena o tla le fetola fifi le letsholetsho, a le fetole fifi la bo-nka-ntjana!


Ke hobaneng ba sa kang ba botsa, ba re: ‘O kae Morena ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, yena ya ila re fetisa hara lehwatata, naheng ya mahlabathe le ya madumela; naha e sekaka, e leng naha ya matshabeho, eo ho seng ya kila tsamaya ho yona, eo motho a eso phele ho yona?’


Ntle ho tsena tsohle, kgohlo e kgolo e teng pakeng tsa rona le lona, e le hore ba ratang ho tloha mona ba tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba tlohang moo ba tshelela ho rona.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos